Tlhokomelo ya Bana ya Motheo

Post cover image

Matsatsi a pele a 1000

Matsatsi a pele a 1000 a bophelo a bohlokwa haholo ho netefatsa hore ngwana wa hao o qala bophelo ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Matsatsi a pele a 1000 a qala ka letsatsi leo o immeng ka lona mme a fela ha ngwana a le dilemo di 2. Nako ena ke ya bohlokwa bakeng sa kgolo ya ngwana wa hao mme e tla ama bophelo bohle ba ngwana wa hao. O ka etsang ho netefatsa hore ngwana wa hao o ba le matsatsi a qalang a 1000 a molemo?

Pele ho Boimana

Ke ntho e ntle ho rera boimana ba hao. Seo se bolela hore o lokela hore o be o sebedisa mokgwa wa ho laola pelehi (hape e bitswa "thibela pelehi") ka nako eo o sa batleng ho ima ka yona. Nakong eo o batlang ho ba le ngwana, jwale o ka rera hore o imme mme o qale lelapa, ka ho kgaotsa ho sebedisa mekgwa wa ho laola pelehi (o ka bala haholwanyane ka sena bukaneng ya rona ya ho laola pelehi). Ka tsela ena, o ka itokisetsa nako eo o batlang ho ba le ngwana ka yona. O ka itokisetsa boimana ka ho nwa divithamini tse itseng (haholoholo vithami "Folate") le ho netefatsa hore le eme hantle ditjheleteng. Vithamini "Folate" ka ho kgetheha e thusa hore mokokotlo le boko ba lesea la hao bo hole hantle, empa ho bohlokwa ho qala ho dinwa kapele kamoo ho ka kgonehang, ha ho kgoneha pele o ima.

Nakong ya Boimana

Ho bohlokwa hore nakong ya boimana o ye tleleniki bakeng sa ho hlahlojwa. Dinese le dingaka di tla tseba hantle hore na di etse diteko dife le hore na ba ka etsa jwang ho tiisa hore wena le lesea la hao le bolokehile nakong ya boimana. Ditlhahlobo tsena (hape di bitswa diketelo tsa tleleniki tsa "antenatal") di thusa dingaka le dinese tse o hlokomelang hore di o tsebe le ho tseba bophelo ba hao hamolemo bakeng sa nako ya ho pepa. Sena se etsa hore ho beleha le ho ima e be dintho tse bolokehileng haholo le tse etsang hore wena le ngwana wa hao le iketle.

E nngwe ya diteko tseo dingaka le dinese di tla e etsa ke ho hlahloba HIV. E etswa ho motho e mong le e mong. Haeba o na le tshwaetso, ke sebaka se nepahetseng sa hore o tswele pele kapa o qale ho nwa moriana. Haeba o nwa moriana hantle, o ka kgona ho thibela hore ngwana wa hao a be le HIV.

Ho boetse ho bohlokwa hore dingaka di hlahlobe moriana oo o o sebedisang ho tiisa hore o bolokehile bakeng sa lesea la hao. Di tla boela di o rute hore ho nwa jwala, ho tsuba ho kotsi bakeng sa lesea la hao. Bala pampitshana ya rona e bitswang “FASD” bakeng sa dintlha tse eketsehileng.

Ba tla o fa le divithamini tse thusang hore ngwana a hole hantle.

Kamora Boimana

Hang ha ngwana wa hao a hlaha, o hloka lerato hanghang, ho tshediswa le phepo e nepahetseng, ho bolela feela tse mmalwa. Ho bohlokwa hore ha ngwana wa hao a ntse a hola a tiya, a be le

  • Lehae le bolokehileng: moo ho behelletsweng hole ditjhefu, metsi a belang le mollo hore ngwana a se ke a lemala
  • Metsi a ho nwa a bolokehileng. Haeba o nahana hore metsi a hao ha a bolokeha, bala boitsebiso bo bong bo mabapi le ho hlwekisa metsi
  • Diente tsa bona tsa ho itshireletsa

Tsena ke tse ding tsa dintho tsa bohlokwa tseo o lokelang ho di etsa ha ngwana wa hao a ntse a hola. Ka tlase mona re bua ka dintho tse ding tsa bohlokwa.

Ho nyantsha

Ho nyantsha ngwana wa hao ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa haholo tseo o ka di etsang ho netefatsa hore ngwana wa hao o hola hantle mme a phetse hantle.

Ho nyantsha ho fa ngwana wa hao divithamini tsohle, mafura le diprotheine tseo a di hlokang. Mmele wa hao o tseba hantle hore na ngwana wa hao o hlokang, hangata o fetola lebese la letswele ho latela seo ngwana a se hlokang, ho netefatsa hore le hantle.

Lebese la letswele le molemo haholo bakeng sa mpa ya lesea la hao le ho netefatsa hore ngwana wa hao o sireletsehile bakeng sa ho fumana tshwaetso.

Hape ha le na dikokwanahloko, ho bolelang hore le tswa le se na dikokwanahloko. Le boetse le na le dithibela mafu le thusnag ho lwantsha ditshwaetso tse ngata bakeng sa ngwana wa hao.

Lebese le rekwang la ngwana le turu ebile ho thata ho le etsa ka tsela e nepahentseng. Le ka fumana dikokwanahloko habonolo mme sena se ka etsa hore ngwana wa hao a kule. Hape seo ha se hantle bakeng sa mpa ya lesea la hao. Ho fapana le lebese la letswele, lona ha le na dithibelamafu.

Matshwao a Kotsi

Ho na le matshwao a itseng ao ngwana wa hao a tla a bontsha a hloka ho ya sepetlele. Ho bohlokwa hore o dule o hlokometse matshwao ana a kotsi e le hore o tsebe ho ya sepetlele hanghang. Matshao a kotsi a akarelletsa a ka tlase:


  • Ha ngwana a hlatsa
  • Haeba ngwana a sa kgone ho nwa kapa ho nyanya
  • Haeba ngwana a tsitsipana, hape ho bitswa "sethwathwa"
  • Haeba ngwana a akgehile kapa a tepelletse

Road to Health (Tsela e Lebisang Bophelong bo Botle)

Mohlomong o tla be o fuwe Bukana ya Road to Health nakong ya e nngwe ya diketelo tsa hao tsa tleleniki. Ena ke bukana ya bohlokwa haholo kaha dingaka le dinese di tla ngola ho yona boitsebiso ba bohlokwa mabapi le bophelo bo botle ba hao le ba ngwana wa hao. Mona ke moo dingaka di tla bona hore na ngwana wa hao o ntse a phela jwang le hore ke kalafo efe e loketseng ngwana wa hao haholo haeba a ka kula. E boetse e na le tlhahisoleseding ya bohlokwa, e hlalosang hore na o ka hlokomela ngwana wa hao hantle jwang. Ka kopo o se ke wa e lebala ha o isa ngwana wa hao sepetlele.

Dithibelamafu

Ka dinako tse ding diente di bitswa "Dithibelamafu", kaha diente di etsa hore mmele wa hao o se ke wa tshwarwa ke malwetse. Haele hantle di ruta mmele wa hao ho lwantsha tshwaetso.

Ngwana e mong le e mong Afrika Borwa o kgona ho fumana diente tse itseng. Di fanwa ka dinako tse fapaneng, ho latela hore di sebetsa hantle ha ba le dilemong dife. Ho bohlokwa hore ngwana wa hao a fumane diente tsena, kaha di thibela mafu a kotsi haholo. Haeba tlasa mabaka leha e le afe ngwana wa hao o hlolehile ho fumana ente, ho bohlokwa hore o ye tleleniking hore a fumane tekanyetso e kwalang sekgeo seo. Sena se tla thusa ho sireletsa ngwana wa hao.

Ke lena lethathamo la malwetse ao diente di thusang ho a thibela:

  • Polio: mofuta wa bolwetse bo ka holofatsang batho
  • Mofuta o itseng wa tshwaetso ya boko
  • Hepatitis B: tshwaetso ya sebete
  • H. Influenzae: baktheria e ka bakang tshwaetso ya matshwafo
  • Rotavirus: e baka mofuta o kotsi wa letshollo
  • Streptococcus Pneumonia: baktheria e bakang tshwaetso ya matshwafo kapa tshwaetso ya boko
  • Typhoid: bolwetse bo etsang hore ngwana wa hao a be le tshwaetso e matla ya mala
  • Tetanus: ena ke baktheria e ka bakang bolwetse bo ka bolayang moo mesifa ya mmele e finanang mme e sa kgone ho finollwa

Bala haholwanyane kamoo diente di sebetsang kateng bukaneng ya rona ya “Diente”.

Related Posts