Ho Laola Pelehi

Post cover image

Ho Laola Pelehi ke ho Etsang?

Ho laola pelehi ke bokgoni ba ho fiihlella palo ya bana eo o e batlang ka ho kgetha nako eo ba lokelang ho siyana ka yona dipakeng. Karolo e kgolo ya Ho Laola Pelehi e amana le thibela pelehi.

Ho Laola Pelehi ho bohlokwa, kaha batho ba lokela ho kgetha le ho laola hore na ba batla ho ima neng. Ho phaella moo, ho sebedisa thibela pelehi ho bohlokwa bakeng sa ho lwantsha HIV/AIDS. Ho laola nako ya ho ima ho o thusa hore o etse ditlhophiso le hore o be le ngwana ka nako e o loketseng.

Ntho ya bohlokwa, mofani wa hao wa tlhokomelo ya bophelo bo botle o lokela ho o bolella mekgwa yohle e fumanehang eo o ka kgethang ho yona (lebitso, ketso, nako, ditlamorao jj) e loketseng ditlhoko tsa hao tsa mmele le kelello, mme ka mora moo o ka etsa qeto ya hore o batla ho sebedisa mokgwa ofe wa thibela pelehi. Sena se bitswa tumello e bontshang kutlwisiso.

Mefuta ya dithibela pelehi:

MEKGWA YA HO THIBELA

Khondomo ya banna

Khondomo ya banna e kwahela setho sa bonna se tsohileng hore e thibe peo ya bonna ha e tswa nakong ya thobalano. Dikhondomo di sireletsa kgahlanong le ditshwaetso le ho ima ha di sebediswa ka nepo. Ka kopo hlahloba mehlodi e meng ya boitsebiso mabapi le kamoo o ka sebedisang khondomo ena ka nepo kateng.

Dikhondomo ha di a lokela ho sebediswa le ditlolo tsa ho nolofatsa (lubricants) tse nang le oli, ho akarelletsa le dikirimi, kaha dintho tsena di ka senya metheriale ya latex.

Dikhondomo tsa basadi

Khondomo ya basadi e kenngwa ka hara setho sa botshehadi kapa ka maraong pele ho thobalano ho thibela hore peo ya botona e se ke ya kena kapa tshwaetso nakong ya thobalano. E entswe ka rabara mme e na le mehele e mmedi e thusang hore o e kenye le ho netefatsa hore e dutse ka nepo. Ka kopo hlahloba mehlodi e meng ya boitsebiso mabapi le kamoo o ka sebedisang khondomo ena ka nepo kateng.

Khondomo ya basadi ha e anngwe ke ditlolo tse nolofatsang tse nang le oli.

MEKGWA YA DIHOMOUNE

Dihomoune ke dikhemikhale tse romelang melaetsa mmeleng, mekgwa ya dihomoune e amana le ho sebedisa dihomoune hore o thibele boimana. Dihomoune tsena di tshwana le dihomoune tsa mmele mme ho bolokehile ho di sebedisa, ntle le haeba di hanyetsana le malwetse a itseng. Mekgwa e mmedi ya dihomoune e tlwaelehileng haholo ke Dipidisi Tse Nowang Tse nang le Estrogen le Progestogen (COC) le Pidisi e Nang le Progestogen feela (POP).

Hangata COC e tlwaetswe ho bitswa “Pidisi” mme “Pidisi e Nyane.”

COC/PIDISI

Pidisi ena ke motswako wa dihomoune tse pedi. E sebetsa hantle haholo ha e nowa letsatsi le leng le le leng mme e bolokehile ha ho se na mafu kapa malwetse a mang a nako e fetileng a kang lefu la pelo. O ka boela wa ba le bana ka potlako ka mora ho kgaotsa ho sebedisa pidisi.

Nako eo e qalang ho sebetsa ka yona

Haeba o qala ho sebedisa pidisi nakong ya matsatsi a 5 a nako ya hao ya ho ya matsatsing, pidisi ena e ka o sireletsa hanghang. Haeba ho se jwalo, tshireletso eo pidisi e fanang ka yona e dieha ka matsatsi a ka bang 7. O kgothalletswa hore o tswele pele ho sebedisa khondomo ha o ntse o sebedisa pidisi. Dikhondomo ke mofuta o mong wa ho thibela pelehi (mekgwa ya ho thibela) mme ho sebedisa mekgwa ena e mmedi e fapaneng ho bitswa tshireletsho e habedi.

Tshireletso e habedi e bohlokwa kaha e sebetsa hantle haholo ho thibela boimana le mafu a tshwaetsanwang ka thobalano, ho akarelletsa le HIV.

Ditlamorao tse tlwaelehileng

  • Ho nyekelwa ke pelo
  • ho tsekela
  • ho fetofetoha ha maikutlo
  • hlooho e bohloko hanyane
  • matswele a bonolo
  • ho tswa madi ka sekgahla
  • Ditlamorao tsena di ka ba teng dikgweding tse 3 ka mora hore o qale ho nwa pidisi mme hangata di nyamela ka botsona ka mora moo.

Ha ho kgothalletswe hore pidisi ena e sebediswe ke batho:

  1. ba nyantshang masea a sa tswa tswalwa a ka tlase ho dibeke tse 6 (a dibeke tse 3 haeba o sa nyantshe). Pidisi e sireletsehile ka ntle ho dinako tsena.
  2. ba tsubang disakarete tse 10-15 ka letsatsi mme ba le dilemo tse ka hodimo ho 35
  3. ba nang le hlooho ya maekereine
  4. ba nang le kgatello e phahameng ya madi le lefu le leng la pelo jwalo ka hlaselwa ke pelo nakong e fetileng
  5. ba nang le dilemo tse 20 ba na le lefu la tswekere.
  6. ba sebedisang moriana wa TB

Botsa mofani wa hao wa tlhokomelo ya bophelo bo botle ka ditlamorao tsena e le hore o etse qeto e nepahetseng ha o kgetha mokgwa.

Ho etsahalang haeba o lebetse ho nwa pidisi?

  • Haeba o lebetse ho nwa pidisi (letsatsi le le leng)- Nwa pidisi eo o e lebetseng hang feela ha o hopola ebe o tswela pele ka ho nwa dipidisi tse ding ka nako e tlwaelehileng.
  • O lebetse ho nwa pidisi ka matsatsi a mabedi kapa ho feta
  • Nwa feela pidisi eo o sa tswa e lebala hang feela ha o hopola, nka tse ding e le tse lebetsweng.
  • Tswela pele ho nwa dipidisi ka nako e tlwaelehileng
  • Sebedisa dikhondomo kapa o qobe ho etsa thobalano ho fihlela o nwele dipidisi tse 7 tse latellanang.


POP/PIDISI E NYANE

POP/Pidisi e nyane e sebetsa ka tsela e tshwanang ho thibela pelehi ha e bapiswa le pidisi ya dihomoune tse pedi (COC). E sebetsa ka ho etsa hore molomo wa popelo o be motenya bakeng sa ho thibela se kenang ka popelong. E lokela ho nowa ka nako e batlang e tshwana letsatsi ka leng ntle le kgefu dipakeng. Pidisi e nyane e sireletsehile kapa e batla e sireletsehile hore e ka sebediswa lethathamong la ditlamorao tsa malwetse a pidisi/ COC, ntle le moriana wa TB.

NAKO EO E QALANG HO SEBETSA KA YONA

Ha bohlokwa ke hore e qala ho sebetsa ka mora matsatsi a mabedi (dihora tse 48) o qadile. Kahoo ho kgothalletswa thibelo e habedi dihora tse 48 pele le ka moro moo bakeng sa ho thibela mafu a tshwaetsanwang ka thobalano.

DITLAMORAO TSE TLWAELEHILENG

  • Di tshwana le tsa pidisi ya dihomune tse pedi
  • diphetoho tsa ho tswa madi kapa ho etsa matheba ha o le matsatsing.

Se etsahalang haeba o lebetse ho nwa pidisi e nyane:

Ka dihora tse fetang tse 3:

  1. Nwa pidisi hang feela ha o hopola
  2. tswela pele o nwa pidisi e le nngwe jwalo ka tlwaelo
  3. sebedisa dikhondomo kapa o qobe thobalano dihoreng tse 48 tse latelang

Ho na le mefuta e meng ya dithibela pelehi e sebetsang nako e telele eo o sa lokelang ho e sebedisa letsatsi le letsatsi le kamehla ha o le matsatsing. Tsona di arotswe ka tse ka etsollwang le ka tse ke keng tsa etsollwa.

DITHIBELA PELEHI TSA NAKO E TELELE TSE KA ETSOLLWANG

Dithibela pelehi tsa nako e telele tse ka etsollwang di akarelletsa

  1. diente
  • Depo-Provera (ente ya dikgwedi tse 3)
  • NET-EN (ente ya dikgwedi tse 2)

2. Tse kengwang letlalong

  • implanon
  • thutswana e le nngwe (dilemo tse 3)
  • thutswana tse pedi (dilemo tse 5)

3. Sesebediswa se kengwang ka popelong (Intrauterine contraception, IUD)

  • Copper IUD (dilemo tse 10)
  • Nova T (dilemo tse 5)
  • LNG-IUS (dilemo tse 5)

DIENTE

diente ke mokgwa o atlehang haholo wa ho thibela pelehi. Di na le dihomoune tse tshwanang le tse fumanwang dipidising. Di sebetsa ka ho thibela ho ntshwa ha lehe la mme le ho thibela peo ya botona ho kena ka popelong. Ho na le mefuta mmedi ya diente tsa dithibela pelehi tse fumanehang Afrika Borwa:

  • Depo-Provera (ente ya dikgwedi tse 3)
  • NET-EN (ente ya dikgwedi tse 2)

NAKO EO E QALANG HO SEBETSA KA YONA

Diente di hlajwa ke mofani wa hao wa tlhokomelo ya bophelo bo botle. Haeba o hlajwa ente matsatsing a 7 o le nakong ya hao ya ho ya matsatsing, e o sireletsa hanghang. Leha ho le jwalo, haeba o hlabilwe ente ka mora letsatsi la bo 7, o lokela ho sebedisa dikhondomo kapa o qobe thobalano ka matsatsi a latelang a 7.

Ditlamorao tse tlwaelehileng

  • Ho tswa madi ka tsela e sa tlwaelehang kapa ho etsa matheba. Ena ke phello e tlwaelehileng mme e ya fokotseha ha nako e ntse e tsamaya.
  • Ho se ye matsatsing, ena ke ntho e tlwaelehileng ka dithibela pelehi tse ding mme ha ho kotsi
  • ho nona, diente di ka eketsa takatso ya hao ya dijo

Ho kgutlela boemong ba ho tswala bana

Ho fapana le dipidisi, diente di etsa hore o diehe ho kgutlela boemong ba ho tswala bana hang ha o kgaotsa ho sebedisa mokgwa wa thibela pelehi. Sena ha se kotsi bakeng sa bokgoni ba ho emola, ho dieha ka:

  • dikgwedi tse 6 bakeng sa ente ya dikgwedi tse 3 (Depo Provera), le
  • dikgwedi tse 4 bakeng sa ente ya dikgwedi tse 2 (Net-En).

Se etsahalang haeba o lebetse letsatsi la ho hlaba ente

O ntse o ka fumana ente hape haeba o lebetse Depo (ente ya dikgwedi tse 3) ka dibeke tse ka tlase ho tse 4 le Net-En (ente ya dikgwedi tse 2) ka dibeke tse 2.

Ha ho kgothalletswe hore diente di sebediswe ke batho:

  1. Ba nang le kankere ya matswele hona jwale
  2. Ba nyantshang ka nako e ka tlase ho dibeke tse 6. Ho bolokehile ho sebedisa diente ka mora dibeke tse 6 o nyantsha

Tse kengwang letlalong

Tse kengwang letlalong, tseo ka tlwaelo di bitswang Implanon kapa Implanon NXT, ke dithibela pelehi tse sebetsang hantle haholo. Ntho e kengwang letlalong ke thutswana e nyane e boholo ba 4cm e kengwang tlasa letlalo sephakeng ntle le ho siya mabadi. E ntshetsa homoune e nyane ya progesterone mmeleng, ebe e sebetsa ka tsela e tshwanang le pidisi e nang le progesterone feela (POP kapa pidisi e nyane) mme e na le ditlamorao tse tshwanang le tsa pidisi e nyane. Thutswana ena e kengwang e ka nka dilemo tse 3.

Ntho ya bohlokwa ke hore, thutswana ena e kentsweng e ntsha homoune e nyane ho feta pidisi le/kapa pidisi e nyane mme ditlamorao ha di ngata ebile di bobebe haeba di e ba teng.

E qala ho sebetsa neng?

Haeba thutswana ena e kentswe matsatsing a pele a mahlano nakong eo o leng matsatsing, e fana ka tshireletso hanghang. Haeba e kentswe ka mora matsatsi a mahlano, o kgothalletswa ho sebedisa khondomo kapa o qobe thobalano ka matsatsi a supileng. Kamehla ho kgothalletswa hore ho sebediswe khondomo bakeng sa ho thibela mafu a tshwaetsanwang ka thobalano a akarelletsang HIV.

Ho fapana le diente, ha o ntsha thutswana ena o kgutlela boemong ba ho ba le bana hanghang. Hape ha ho hlokahale hore o eme dilemo tse 3 hore o e ntshe, o ka ya ho mofani wa hao wa tlhokomelo ya bophelo bo botle ya haufi le wena hore o e ntshe haeba o batla.

Sesebediswa se kengwang ka popelong (IUD)

Copper IUD (Cu IUD)

IUCD ke sesebediswa se senyane se entsweng ka polasitiki le koporo se kengwang ka popelong. Se bolokehile ebile se sebetsa hantle haholo ho thibela boimana. Cu IUD e sebetsa ka ho thibela peo ya botona hore e se ke ya kena ka popelong. E sebetsa ka dilemo tse 10 ebe e ntshwa ka mora moo.

Cu IUD ha e bake tshitiso ya letho nakong ya thobalano ya setho sa botona se kenang ka hara sa botshehadi.

E qala ho sebetsa neng?

Cu IUD e fana ka tshireletso hanghang ha e kentswe matsatsing a pele a 12 nakong eo o leng matsatsing.

Ho kgutlela boemong ba ho tswala bana

Ha Cu IUD e ntshwa o kgutlela boemong ba ho ba le bana hanghang.

Ditlamorao

  • Diphetoho tsa ho ya matsatsing. Nako ya ho ba matsatsing e ka ba boima, ya ba telele le ho o bakela mahlaba. Dintho tsena di etsahala dikgweding tse qalang tse 3-6.

Tshalomorao

Ka mora hore e kengwe, motho o tla hlahlojwa setsing tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle ka beke ya 6 ka mora hore e kenngwe le ha e ntshwa ka mora dilemo se 10, kapa neng kapa neng ha o batla ho e ntsha.

Nakong eo e kengwang, matshwao a lemosang a lokela ho tsebiswa ngaka e leng se tla etsa hore o kgutlele kapele setsing sa tlhokomelo ya bophelo bo botle. A ka akarelletsa:

  • Ho tswa ha lero le sa kgahliseng kapa le fetohileng mmala
  • Ho se ye matsatsing

LNG-IUS/Mirena

Mirena e ntshetsa homoune e fumanwang dinthong tse kentsweng le POP ka ho toba ka popelong le dithong tse potolohileng. Sena se etsa hore e be le ditlamorao tse fokolang ha e bapiswa le mekgwa ya dihomoune. E sebetsa hantle haholo ho thibela boimana. E nka dilemo tse 5.

Nako eo e qalang ho sebetsa ka yona

Haeba IUS e kentswe matsatsing a pele a 7 nakong eo o leng matsatsing, e fana ka tshireletso hanghang. Haeba e kentswe ka mora matsatsi a 7, o kgothalletswa ho sebedisa khondomo kapa o qobe thobalano ka matsatsi a supileng. Kamehla ho kgothalletswa hore ho sebediswe khondomo bakeng sa ho thibela mafu a tshwaetsanwang ka thobalano.

Ho kgutlela boemong ba ho tswala bana

Ha e ntshwa o kgutlela boemong ba ho tswala bana hanghang.

Mekgwa ya ho nyopisa

Ho tlama ditjhubu

Ho tlama ditjhubu ke mokgwa wa ho buuwa wa ho thibella pelehi ruri moo ditjhubu tsa fallopiann di tlangwang ka di-clip kapa direng, sena se thibela peo ya botona. Ka lebaka la thibelo ena, ho tlangwa hona ho sebetsa hanghang ho thibela boimana ka mora mokgwatshebetso ona. Ho sebediswa meriana e bolayang bohloko ha ho etswa opereishene ena, kahoo ha ho bohloko.

Ho tlangwa hona ha ho ame nako ya ho ya matsatsing kapa takatso ya thobalano le tshebetso ya thobalano.

Ho kwala methapo e tsamaisang peo ya bonna

Speme ke karolo ya motswako o bitswang peo ya botona. Motswako ona o bitswa semen. Semen ke yona e tswang sethong sa botona nakong ya thobalano.

Ho kwala methapo e tsamaisang peo ya bonna ke mokgwa wa ho buuwa wa ho thibella pelehi ruri oo ho wona ho pongwang methapo e bitswang vas deferens. Sena se thibela speme hore se kopane le peo ya botona. Ho sebediswa meriana e bolayang bohloko ha ho etswa opereishene ya ho kwala methapo e tsamaiang peo ya bonna, kahoo ha ho bohloko.

Ho kwala methapo e tsamaisang peo ya bonna ha ho ame bokgoni ba ho tsohelwa le ho dula o tsohetswe, takatso ya thobalano kapa ho ntsha peo ya bonna.

E sebetsa neng

Ka karolelano ho nka dikgwedi tse 3 hore peo ya bonna e se hlole e ba le speme. O kgothalletswa ho sebedisa khondomo ho fihlela ka nako eo.

Ditlamorao tse tlwaelehileng tsa mefuta ya ho nyopiswa tsa ho thibela pelehi ke ho utlwa bohloko ka mora opereishene. Bohloko bona bo laolwa ka moriana wa bohloko mme bo nka matsatsi a mmalwa.

Tags
  • Family Planning