Ntlha ya pele, ke habohlokwa ho utlwisisa haholo hore e le hore bana ba phele hantle, ba lokela ho ba le metsi a lekaneng, ba be le dimatlafatsi tse lekaneng le tekatekano e lekaneng ya electrolyte mmeleng ya bona, ha re bolela feela tse seng kae.
Di-electrolyte ke eng?
Di-eletrolyte ke diminerale tse fumanehang dijong tse thusang mmele hore o sebetse hantle. Di-electrolyte tseo e ka nnang yaba o kile wa utlwa ka tsona pele ke Sodiamo, Phothasiamo, Khalsiamo le Magnesiamo.
Motswako o mong le o mong wa electrolyte o phetha karolo ya wona e kgethehileng ho boloka mmele o phetse hantle. Ka mohlala, metsi a “latela” sodium dikarolong tse fapaneng tsa mmele mme khalsiamo e sebedisetswa ho matlafatsa masapo.
Mmele o sebetsa hantle haholo ho laoleng di-eletrolyte le kamoo di sebetsang kateng mmeleng, ntle le malwetseng a itseng jwalo ka letshollo.
Letshollo ke eng?
Letshollo le ka hlaloswa feela ka hore ke ho ntsha mantle a metsi kapa a hlephileng ha 3 kapa ho feta ka letsatsi. Ho na le disosa tse fapaneng tsa letshollo, mme tse tsebahalang haholo ke kokwanahloko le baktheria. Ho thibela letshollo, ke habohlokwa ho nwa metsi a hlwekileng le ho hlapa matsoho a hao kgafetsa. Haeba o nahana hore metsi a hao a ditshila, bala boitsebiso bo bong bo buang ka hore o ka hlwekisa metsi a hao jwang. Ho entwa ha ngwana wa hao le hona ho kabe ho ile ha thusa haholo.
Bana ba nang le letshollo ba lahlehelwa ke metsi a mangata, dimatlafatsi le di-eletrolyte ha ba ntsha mantle. Sena se fella ka hore bana ba fellwe ke metsi haholo mmeleng, ba be basesane mme ho be le diphoso tsa ho lekalekana ha eletrolyte. Letshollo le bolaya bana ba bangata haholo lefatsheng lohle, empa ho bohlokwa ho tseba hore le ka thibelwa le hore le ka phekolwa habonolo.
Seo o lokelang ho se etsa ha ngwana wa hao a na le letshollo
Haeba ngwana wa hao a na le letshollo, ntho ya pele le e molemohadi eo o ka e etsang ke ho ho etsa seno se bitswang “Motswako (Oral Rehydration Solution)” oo hape o bitswang “ORS”. O sebetsa ka ho sebedisa sodiamo (letswai) le tswekere ho thusa ho kgutlisetsa metsi mmeleng. Risepe ke ena:
- Bedisa metsi a etsang lithara e 1
- Kenya dithispune tse 8 tsa tswekere
- Kenya halofo ya thispune ya letswai le tletseng hantle feela
Ke habohlokwa haholo hore o latele risepe yena ka hloko, haeba o ka e fosa e ka kudisa ngwana wa hao le ho feta.
Dikopanye hammoho ebe o ema hore o fole pele o tshella ngwana wa hao hanyane. O nne o fe ngwana wa hao hanyane hanyane. Haeba a hlatsa, ema metsotso e 10 pele o mo tshella hape.
Isa ngwana wa hao tleleniking e haufi hore a fumane thuso e eketsehileng haeba a sa be betere kapa haeba ngwana a na le matshwao afe kapa afe a kotsi a latelang:
- Haeba ngwana a sa kgone ho nwa kapa ho nyanya
- Ha ngwana a hlatsa
- Ha ngwana a ba le pherekano
- Haeba ngwana a hloka matla kapa a tepelletse