Diente

Post cover image

Ente ke eng?

Ente ke (e entsweng ka baeloji) moriana o sebedisetswang ho thibela malwetse a bakwang ke dikokwanahloko tse itseng tse tshwaetsanwang.

Diente di sebedisetswa ho thibela malwetse a kotsi le a bolayang.

Diente di na le dikarolo kapa dikarolo tse feletseng tsa malwetse a bakang dikokwanahloko. Ka mohlala, ente ya mmaselese e na le kokwanahloko e fokolang ya mmaselese.

Metswako ya ente ena ha e kotsi kaha e bolailwe kapa e fokoditswe matla hoo e ke keng ya baka mafu.

Diente di sebetsa jwang?

Diente di sebetsa ka ho etsisa dikokwanahloko tsa sebele tse bakang malwetse bakeng sa ho matlafatsa le ho hlasimolla masole a hao a mmele hore a itshireletse ditshwaetsong tsa nakong e tlang.

Masole a mmele ke tsela eo mmele o thibelang mafu ka yona. Diente di etsa hore masole a mmele a hlahise dithibelamafu tse lwantshang dikokwanahloko tse bakang mafu pele di a baka.

Hangata diente di sebediswa ho masea le ho batho ba baholo lefatsheng ka bophara. Ha bana ba hlaha, masole a bona a mmele ha a so be matla hantle mme ba kotsing e kgolo ya ho tshwaetswa. Diente di fokotsa kotsi ena ka ho matlafatsa masole a bona a mmele.

Na diente di a sebetsa?

Diente ke mokgwa o atlehang wa ho thibela mafu a bakwang ke tshwaetso.

Diente di fana ka bopaki bo botle ba hore di fedisa dikokwanahloko tse itseng tse tshwaetsanang tseo ho neng ho tsejwa hore di baka mafu a mpefetseng. Ha e le hantle, motho a ka ananela keketseho e kgolo ya nako ya ho phela ho tloha nakong eo diente di neng di etswa ka lekgetlo la pele.

Lenaneo la Ente la Afrika Borwa ke lefe?

Hlakola: Afrika Borwa e latela lenaneo la ente le bontshitsweng ka tlase. Sheba lenaneo la ente ya SA tlasa leqephe la mehlodi e eketsehileng. O ka boela wa e fumana ho "bukana ya Road to Health" eo o ka e fumanang tleleniking ya heno. Ke habohlokwa hore ngwana a be le kemiso e nepahetseng ya diente. Haeba ho se jwalo, ikopanye le tleleniki e haufi le wena bakeng sa thuso.

Na diente di bolokehile?

Diente di ka ba le ditlamorao tse fokolang jwalo ka feberu e fokolang e iphollang ka mora matsatsi a mmalwa.

Ditlamorao tse mpe di ba teng ka sewelo haholo.

Diente di etswa diteko tse ngata ho netefatsa hore di bolokehile pele di iswa bathong. Di boetse di lokela ho fuwa lengolo la tumello ke ba boholong lefapneng la bophelo bo botle hore bontsha hore ba e tjhaetse monwana.

Kahoo, diente di bolokehile hore di ka sebediswa.

Ho itshireletsa mafung ha sehlopha ke eng?

Ho itshireletsa mafung ha sehlopha ke tshireletso e sa tobang kgahlanong le malwetse a tshwaetsanang a hlahang ha palo e kgolo ya setjhaba/baahi e sa tshwaetso ke kokwanahloko, e fokotsa menyetla ya tshwaetso ho ba sa sireletsehang ho tshwaetso.

Ke ntlha e hlalosang hore ho entwa ho ka thusa ho sireletsa batho ba bang jwang.

Related Posts

Tags
  • Vaccines