Lefu la Tswekere

Post cover image

LEFU LA TSWEKERE KE ENG?

Tlukhouse ke mofuta wa tswekere eo disele tsa mmele wa hao di e hlokang ho etsa mosebetsi wa tsona. Dijo tseo re di jang di a silwa hore ebe tlukhouse Maemo a tlukhouse mading a laolwa ka kelohloko ke mmele wa hao, hobane ke habohlokwa haholo hore maemo a tlukhouse ya hao a se ke a phahama haholo kapa a theoha haholo. Maemo a tlukhouse ya hao a laolwa ke mmele wa hao ka homoune ya insuline, e ntshwang ke manyeme a hao. Insuline e sebetsa jwalo ka senotlolo se dumellang tlukhouse ho tloha mading ho ya diseleng.

Lefu la tswekere le hlaha ha tlukhouse e le ngata haholo mading. Sena se etsahala hobane mmele wa hao o sa hlahise insuline e lekaneng kapa mmele wa hao o sa sebedise insuline hantle.

Ho na le mefuta e mmedi e meholo ya lefu la tswekere:

Mofuta wa 1 wa Lefu la Tswekere: o hlaha ha mmele o sa hlahise insuline e lekaneng, ka lebaka leo, tswekere e mading ha e fokotsehe. Hangata sena se ama batho ba batjha.

Mofuta wa 2 wa Lefu la Tswekere: Ha mmele o sa kgone ho sebedisa insuline e hlahisitsweng ke mmele ho theola tswekere ya madi. Sena se etsahala ho batho ba baholo mme se tlwaelehile haholo.

Mefuta e meng ya lefu la tswekere e akarelletsa lefu la tswekere le ka hlahang nakong ya boimana, le bitswang Lefu la Tswekere la Boimana.

DISOSA TSA KOTSI

Dintho tse latelang di eketsa kotsi ya ho ba le lefu la tswekere:

• Ho nona haholo kapa ho ba motenya

• Ho se ikwetlise kapa ho se sebetse

• Nalane ya lelapa ya lefu la tswekere

• Ho ba le lefu la tswekere nakong e fetileng ya boimana

MATSHWAO

• Ho nyorwa ho sa feleng

• Ho ntsha mosese o mongata ho feta kamoo ho tlwaelehileng

• Mokgathala

• Ho theoha mmeleng ntle le maikemisetso

• Pono e lerootho

• Ho ba le lefu la thrush kgafetsa

Se ka etsahalang haeba e sa phekolwe

Ho ba le boemo bo sa laoleheng ba tlukhouse mading a hao ho ka baka kotsi e mpe haholo bophelong ba hao. Maemo a phahameng a tlukhouse mading a ama methapo ya madi le methapokutlo hampe haholo mme a etsa hore motho a se ke a itshireletsa mafung kapa a tshwaetso habonolo. Ka tlase mona ho thathamisitswe mafu a itseng a ka bakwang ke lefu la tswekere.

Ho thatafala le ho sesefala ha methapo ya madi

Phello eo maemo a phahameng a tlukhouse a bang le yona methapong ya madi e ba mpe haholo.

E ka baka malwetse dibakeng tseo methapo e menyenyane ya madi e leng ya bohlokwa haholo. Dibaka tsena di akarelletsa diphio tsa hao le mahlo. Ka lebaka lena, batho ba nang le lefu la tswekere ba kotsing e kgolo ya ho ba le bothata ba ho bona le ho foufala hammoho le ho se sebetse ha diphio. Haeba o na le lefu la tswekere, etsa bonnete ba hore selemo le selemo o ya ngakeng hore o ilo hlahlojwa mahlo.

Lefu la tswekere le sa laolweng le boetse le ama methapo e meholo ya madi. Sena se ka feela ka lefu la pelo (jwalo ho hlaselwa ke pelo), seterouku (ha dikarolo tsa boko ba hao di sa fumane madi a lekaneng) le ho se tsohe ha setho sa botona, e leng se ka amang bophelo ba hao ba thobalano.

Ho se sebetse ha masole a mmele

Lefu la tswekere le sa laolweng le ka baka phello e mpehadi ho masole a hao a mmele, e leng ona a lwantshang tshwaetso. Le boetse le ama kamoo mmele wa hao o ka folang habonolo kateng kamora ho lemala hofe kapa hofe. Ka lebaka lena, ho buuwa ho kotsi haholo haeba lefu la tswekere le sa laolwe.

Ho se sebetse hantle ha methapokutlo

Lefu la tswekere le sa laolweng le ka etsa hore methapokutlo ya hao, haholoholo e matsohong le maotong, e se sebetse hantle. Le ka etsa hore o shwe bohatsu matsohong le maotong. Hangata bohatsu bo ka mpefala hoo bakudi ba sa hlokomeleng hore ba tjhele kapa ba lemetse maotong, e leng se fellang ka tshwaetso e mpefetseng. Kotsi ena e ntseng e eketseha ya tshwaetso ya maoto e amanang le ho fokotseha ha matla a mmele a ho itshireletsa mafung, e hlalositsweng ka hodimo, e ka fella ka hore ho hlokahale hore o kgaolwe maotlo kapa leeto.

Bothata ba Maoto ha Motho a na le Lefu la Tswekere

Bothata ba maoto ha motho a na le lefu la tswekere bo akarelletsa mathata a mangata ao tswekere e sa laolweng e ka a bakang. Ka lebaka la diphello tsa lefu la tswekere le sa laolweng methapong ya hao ya madi, ho masole a mmele le ho methapokutlo, o ka ba kotsing e kgolo ya ho ba le mathata a mpefetseng a maoto, jwalo ka seso se kekang (ho shwa ha thishu). Batho ba nang le lefu la tswekere ba na le menyetla e fetang e 15 ya hore ba kgaolwe ditho. Motho a le mong ho ba tsheletseng ba nang le lefu la tswekere o tla ba le diso tsa maoto tse ka fellang ka mathata a tebileng. Lefatsheng ka bophara, motho ya nang le lefu la tswekere o lahlehelwa ke leeto metsotsong e meng le e meng e 30 ka lebaka la ho se laolwe kapa ho se hlokomele maoto hantle.

Ka lebaka leo, ho bohlokwa haholo hore o hlokomele maoto a hao hantle. Bala boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo o ka hlokomelang maoto a hao kateng. Ka tlase mona ho na le Dintho Tseo o Lokelang ho di Etsa le Tseo o sa Lokelang ho di Etsa.

Dintho Tseo o Lokelang ho di Etsa:

  • hlatswa maoto a hao kamehla
  • omisa maoto a hao mme o a hlahlobe letsatsi le letsatsi, haholoholo pakeng tsa menwana ya ona
  • kuta manala a hao
  • o ka sebedisa meriana e bolayang di-fungi
  • rwala dieta tseo o tsamaisang hantle
  • rwala dikausi tse tlwaelehileng, empa o etse bonnete ba hore o rwala dikausi tse hlwekeng letsatsi le letsatsi

Dintho Tseo o sa Lokelang ho di Etsa

  • ho tsamaya ka maoto o sa rwala dieta
  • ho tjhesa maoto a hao ka ho dulella haufi haholo le hitara
  • ho kuta manala a hao hore a be makgutshwane haholo
  • ho se natse matshediso

Dikarolo tsena tsa lefu la tswekere le sa laolweng di mpe haholo ebile di a tshwenya. Ka lehlohonolo, dintho tsena di ka thibelwa habonolo feela ka ho laola lefu la tswekere. Ka tlase mona re hlalosa kamoo sena se ka etswang kateng.

THIBELO LE PHEKOLO

Diphetoho mokgweng wa bophelo

Ho bohlokwa ho utlwisisa hore lefu la tswekere le ka laolwa kapa bonyane le ka laolwa ka tsela e itseng ka ho etsa diphetoho mokgweng wa bophelo. Diphetoho tse ding tsa bohlokwa tsa ho fetola mokgwa wa bophelo tse ka phekolang Mofuta wa 2 wa Lefu la Tswekere di akarelletsa:

  • Fokotsa ho nwa dino tse tswekere (ho akarelletsa le jusi ya ditholwana) mme o fokotse ho ja dijo tse nang le tswekere e ngata (dipompong, dikuku le dintho tse ding tse bakwang)
  • Qoba ho ja dijo tse nang le tswekere e hlwekisitsweng jwalo ka borotho bo bosweu, mme o je dijo tse nang le ditlheferetsi.
  • Fokotsa letswai leo o le jang (eja letswai le ka tlase ho thispune ka letsatsi)
  • Qoba ho nwa jwala. Bala pampitshana ya rona e buang ka jwala bakeng sa dintlha tse eketsehileng.
  • Ho ikwetlisa ho ka o thusa haholo ho laola Mofuta wa 2 wa lefu la tswekere. Ho ikwetlisa feela ka tsela e itekanetseng metsotso e 30 ka letsatsi ka matsatsi a 5 ka beke ho ka ntlafatsa bophelo ba hao kapele. Bala pampitshana ya rona e buang ka ho ikwetlisa hore o fumane malebela.

Itlhokomele

Hlahloba boemo ba tswekere ya madi tleleniking kapa famasing. Ka ho tseba hore na boemo ba hao ba tlukhouse bo jwang, wena le ngaka ya hao le ka etsa bonnete ba hore le latela mokgwa o nepahetseng wa phekolo.

Ke habohlokwa haholo ho hlokomela maoto a hao ka ho a hlahloba letsatsi le letsatsi hore na ha a na maqeba. Apara dieta tse o tsamaisang hantle mme o etse bonnete ba hore ha di na majwe. Qoba ho tsamaya ka maoto ka ntle o sa rwala dieta mme o etse bonnete ba hore ha o tjhese maoto a hao ka ho a atametsa haholo haufi le hitara kapa mollo.

Latela moralo wa phekolo ya hao

Haeba o nwa meriana leha e le efe, eo o e laetsweng ke ngaka, etsa bonnete ba hore o latela moralo oo ka hlokko.Sebedisa karolo ya moriana ho epo ena ho seta dikgopotso le hore o utlwisise moriana wa hao hamolemo. Ha o ntse o hopola ho nwa moriana wa hao, ho tla ba bonolo hore lefu la hao la tswekere le laolehe.

Seo o lokelang ho se ela hloko

Ho na le dintho tse itseng tseo o ka kgathatsehang ka tsona ho itshetlehile ka hore na o na le mofuta ofe wa lefu la tswekere le hore o sebedisa moriana ofe.

Haeba o na le mofuta wa 1 wa lefu la tswekere, o tla sebedisa insuline. Ka tlwaelo mmele o hlahisa insuline e lekanang hantle feela le tlukhouse e mading a hao. Empa kaha ha ho jwalo ka mofuta wa 1 wa lefu la tswekere, phephetso ke ho tseba hore na motho o lokela ho fuwa insuline e kae le hore na neng ha a ja.

Ho na le mefuta e fapaneng ya insuline e sebetsang ka ditsela tse fapaneng. Insuline e sebetsang nako e telele e thusa ho fokotsa maemo a tlukhouse letsatsi lohle, athe insuline e sebetsang nako e kgutshwanyane e thusa ho laola ho phahama ha tlukhouse kamora dijo. Ho bohlokwa hore o buisane le ngaka ya hao hore na o lokela ho sebedisa insuline efe hona neng, o ntse o hopola hore e ka nna ya amana le nako eo o jang ka yona.

Ho etsahalang haeba o sa sebedise insuline?

Kaha mmele o sitwa ho sebedisa tlukhouse ntle le insuline, o ka nna wa sebedisa mefuta e meng ya matla haeba insuline e sa hlajwa ka nakwana e itseng. Ha motho a sa sebedise insuline, tlukhouse ya madi e ngata haholo empa mmele ha o kgone ho e sebedisa, mme o sebedisa mofuta o o itseng wa mafura bakeng sa matla. Mofuta ona wa mafura o sebediswa ka nakwana feela, kaha o ka fetola tekatekano ya dikhemikhale mading. Phetoho ena e ka baka “Lefu la Tswekere le Rarahaneng (Diabetic Ketoacidosis)” leo hape le bitswang DKA. DKA e ka ba kotsi haholo mme haeba ho belaellwa hore ke yona motho o lokela ho ya sepetlele hanghang.

Matshwao a DKA a akarelletsa:

  • ho nyorwa ka ho feteletseng
  • pherekano
  • ho ya le maidiidi
  • bofokodi
  • monko o monate kapa o nkgang hamonate
  • ho nyekelwa ke pelo le ho hlatsa
  • bohloko ba mala

Ho etsahalang haeba o sa sebedise insuline e ngata haholo?

Ho sebedisa insuline e ngata ho feta e hlokahalang le hona ho ka ba kotsi. Ho sebedisa e ngata haholo ho ka feela ka hore ho be le tlukhouse e nyane haholo mading. Haeba o belaella sena, etsa bonnete ba hore o na le pompong kapa ntho e tswekere eo o ka e jang. Haeba e mpefala le ho feta, o ka nna wa lokela ho ya sepetlele.

Matshwao a tswekere e tlase ya madi a akarelletsa:

  • ho otla ha pelo ka tsela e sa tlwaelehang kapa ka sekgahla
  • ho thothomela
  • letlalo le thothofa
  • ho fufulelwa
  • ho tshwenyeha
  • tlala
  • ho teneha

Mofuta wa 2 wa Lefu la Tswekere

Mofuta wa 2 wa lefu la tswekere (boemo bo phahameng ba tlukhouse mading) ka nako e kgutshwanyane o ka baka seo ho thweng ke Diabetic Hyperosmolar Syndrome (HSS). Sena se etsa hore o fellwe ke metsi mmeleng e leng se ka behang bophelo ba hao kotsing, ka hona o lokela ho hlokomela matshwao a teng. A akarelletsa:

  • ho nyorwa ka ho feteletseng
  • ho ntsha mosese ka ho feleletseng
  • molomo o omelletseng
  • feberu
  • ho otsela
  • pherekano
  • ho bona dipono

Ha motho a tshwerwe ke lefu la tswekere la mofuta wa 2, ho na le monyetla o fokolang wa ho ba le tswekere e tlase ya madi ha le bapiswa le lefu la tswekere la mofuta wa 1. Leha ho le jwalo, haeba o sebedisa insuline e le karolo ya phekolo ya hao ya mofuta wa 2 wa lefu la tswekere, etsa bonnete ba hore o bala karolo e kahodimo e buang ka ho sebedisa insuline.

Related Posts