Ho ja Dijo Tse Nang le Phepo e Ntle

Post cover image

Ke hobaneng ha ho ja hantle ho le bohlokwa hakae?

Ho tloha qalong ya meriana haesale ho tsejwa hore dijo tseo re di jang di ama bophelo ba rona haholo. E mong wa bo ntate ba baetsi ba meriana bophirimela, Hippocrates, o ile a akaretsa sena ka ho loketseng ka hore: “E re dijo ebe moriana wa hao”. Seo sena se re bolellang sona ke hore dijo tseo re di jang ke tsa bohlokwa haholo bakeng sa ho thibela le ho phekola malwetse a mangata.

Re na le matla a maholo a ho etsa diqeto letsatsi le leng le le leng ka bophelo ba rona, ka diqeto tseo re di etsang ka seo re se jang. Ho a tsebahala hore ho nona ho tlola ho baka malwetse a mangata a ka amang bophelo ba hao haholo. Ho theola boima ba mmele ho qala lebenkeleng ha re kgetha dintho tseo re tla di ja.

Mohato wa pele wa ho laola malwetse a mangata, a jwalo ka lefu la tswekere, kgatello e phahameng ya madi le lefu la pelo, ke ka ho fetola tsela eo motho a phelang ka yona, haholoholo dijo tseo a di jang.

Dijo tse 'hlwekisitsweng' le tse 'porosesitsweng' ke tse jwang?

Ha nako e ntse e feta, rona batho re nnile ra leka ho 'nolofatsa' bophelo ba rona ka ho etsa hore dijo di tshwarelle nako e telele le ho etsa hore di latswehe hamonate. Maemong a mang, ha re sebedisa mekgwa ena ya ho porosesa dijo, re lahlehelwa ke dintho tsa bohlokwa tsa tlhaho tseo dijo di neng di na le tsona pele.

Ka mohlala, nahana ka borotho bo bosweu. Phofo e sebedisetswang ho etsa borotho bo bosweu e hlwekisitswe ka ho feteletseng. Ka tlwaelo, dijothollo di na le dikarolo tse ngata, e nngwe le e nngwe e na le melemo ya tsona e fapaneng ya phepo e nepahetseng, ho akarelletsa ditlheferetsi, protheine, divithamini le dikhabohaedreite kapa tswekere. Leha ho le jwalo, e le hore ho hlahiswe phoofo e tshweu, dijothollo tsena di ntshwa karolo e nang le mofuta o itseng wa tswekere. Ka ho ja borotho bo bosweu, o ja karolwana feela ya dijothollo tse nang le phepo e ntle. Mohlala ona o ka sebetsa nthong e nngwe le e nngwe eo ho yona ho sebedisitsweng phofo ena e hlwekisitsweng kapa tswekere, jwalo ka phasta, dikuku jj.

Mabapi le nama, ho bonahetse hore ho porosesa dinama tsa tlhaho hore di dule nako e telele ka mokgwa wa diviana, paloni le dinama tse ding tse porosesitsweng, ho kotsi haholo bophelong ba hao. Dinama tse porosesitsweng tse bolokilweng ka ditsela tseo eseng tsa tlhaho, jwalo ka letswai le lengata le disalefeitse (sulphates). Ho boetse ho bontshitswe hore mofuta ona wa nama o baka lefu la pelo le kankere ya mala.

Ke nnete hore ho bonolo ho reka dijo tse ka tshwarellang nako e telele dikhabotong tsa hao kapa sehatsetsing, empa ona ha se mokgwa wa tlhaho wa ho ja dijo. Empa ke habohlokwa ho nahana hore ka mora nako, ho ja dijo tsena ho ka baka mathata a maholo bophelong ba hao, a ama bophelo ba hao bo botle.

Mokgwa wa ho ja dijo tse nang le phepo e nepahetseng

Nwa dikgalase tse 6-8 tsa metsi a hlwekileng motshehare wohle

Eja dijo tse fapafapaneng

Etsa hore dijo (jwalo ka poone le borotho) tse nang le karolo ya setatjhe e be karolo ya dijo tse ding le tse ding. Kgetha dijo tse nang le setatjhe tse se nang mafura a mangata, tswekere kapa letswai. O se ke wa ja setatjhe se sengata, ho ena le hoo o kenyelletse meroho.

Eja meroho e mengata. Di na le divithamini le diminerale tse ngata, e leng dintho tseo mmele wa hao o di hlokang hore o phele hantle. Eja meroho hanngwe kapa habedi ka letsatsi. Pheha meroho e se nang mafura a mangata kapa tseo ho sa eketswang mafura, tswekere le letswai ho tsona. Eja ditholwana pakeng tsa dijo e le ho hlaphola.

Eja dinawa tse omisitsweng, dierekise, di-lentil le soya hangata. Dijo tsena di tla thusa mmele wa hao hore o dule o phetse hantle kgahlanong le mafu a tshwanang le lefu la pelo, lefu la tswekere le mefuta e fapaneng ya kankere.

Tse ka jewang kamehla ke tlhapi, kgoho, nama e se nang mafura a mangata, kapa mahe. Ha ho hlokahale hore o je nama letsatsi le leng le le leng. Ho ja meroho le ditholwana tse boletsweng ka hodimo ho molemo bakeng sa bophelo. Leka hore o se ke wa ja tjhisi e ngata haholo, kaha e na le mafura a mangata le letswai.

Ho molemo ho ja lebese, mafi kapa yoghurt.

Ka dinako tse ding ho ja ntho e le nngwe hangata ho ka ba hobe. Ho ja letswai le lengata letsatsi le leng le le leng ho ka baka mafu a kang kgatello e phahameng ya madi. Ho ja mafura a mangata haholo ho ka boela ha ba kotsi bakeng sa pelo ya hao. Leka hore o se ke wa pheha ka oli le batha e ngata haholo.

Ho ja tswekere e ngata haholo letsatsi le letsatsi ho ka baka lefu la tswekere. Leka ho se tshele tswekere ka teeng le ka kofing mme o leke ho se nwe dino tse nang le tswekere jwalo ka dinomaphodi le jusi ya tholwana

Related Posts

Tags
  • Nutrition