Boima ba Mmele

Post cover image

Ke hobaneng ha o lokela ho hlokomela boima ba hao ba mmele?

Ho ba motenya kapa ho nona haholo ho kotsi bakeng sa bophelo ba hao. Ho ka baka mathata a kgatello e phahameng ya madi, kankere, mafu a tswekere, a ho robala le a manonyeletso le bohloko ba mokokotlo, ha re bolela feela tse mmalwa. Ho na le meriana e fokolang e ka thusang maemong ana, mme maemong a mangata ho fokotsa boima ba mmele feela ho ka phekola malwetse ana. Ke habohlokwa ho tseba hore ho ba motenya ho etsa hore ho be thata haholwanyane ho fumana phekolo ya meriana le ho buuwa. Maemong a mang, dingaka ha di kgone ho buwa bakudi ba batenya haholo kaha ho le kotsi haholo.

Ha ho bonolo ho theola boima ba mmele, empa ho ka thusa ho thibela mafu a mangata nakong e tlang. Haeba o le motenya, boima bo eketsehileng bo ka lematsa manonyeletso a mokokotlo wa hao, a mangwele le maqaqailana. Batho ba bangata ba fumana ntlafatso e hlollang bophelong ba bona ka mora ho theola boima ba mmele.

E le hore o theole boima ba mmele, ntlafatsa tsela eo o jang ka yona mme o ikwetlise haholwanyane. O ka boela wa ya ho setsebi sa phepo e nepahetseng bakeng sa thuso e eketsehileng ya ho ja. Bala haholwanyane ka phepo e nepahetseng le boikwetliso dibukaneng tsa rona. Hlahloba hore na o theotse boima bo bokae ba mmele le ho bona hore na o etsa kgatelopele e kae tlasa "Goals". Mona o ka boela wa hlahloba Boima ba Mmele wa hao Papisong le Botelele ba hao (BMI). Sena se bontsha hore boima ba hao ba mmele bo loketse botelele ba hao.

Tsela ya ho theola boima ba mmele ka katleho

Malebela a ho theola boima ba mmele:

• Ho ikwetlisa haholwanyane

• Ho ja dijo tse nyane

• Ho fokotsa tswekere e sa hlokahaleng, jwalo ka dinomaphodi tse nang le tswekere, tswekere kofing/teeng ya hao jj

• Nwa metsi a mangata a hlwekileng

• Fumana tshehetso ho metswalle le ba lelapa

Related Posts

Tags
  • Weight