Boikwetliso

Post cover image

Ke hobaneng ha ho ikwetlisa kamehla ho le bohlokwa?

Ho ikwetlisa ke tsela ya bohlokwa ya hore o phele hantle. Ho fokotsa menyetla ya

  • lefu la pelo
  • seterouku
  • lefu la tswekere
  • ho hloleha ho tsohelwa ha setho sa bonna
  • kgatello e phahameng ya madi
  • mefuta e itseng ya kankere

e ka boela ya thusa ho lwantsha ho tshwenyeha, ho tepella maikutlo le ho imelwa kelellong.

Dkgothaletso

Ho kgothalletswe ho ikwetlisabonyane metsotso e 150 ka beke, empa ho ikwetlisa haholwanyane ho molemo. Ka mohlala, o ka ikwetlisa metsotso e 30 ka makgetlo a mahlano ka beke. Ho boetse ho molemo ho etsa boikwetliso bo etsang hore mesifa ya hao e be matla.

Kapa o ka ikwetlisa ka matla ka metsotso e 75 beke le beke.

Mehlala e meng ya boikwetliso bo molemo ke ho tsamaya, ho tantsha, ho matha, ho sebetsa serapeng, ho sesa le dipapadi. Ho ikwetlisa le ba lelapa kapa metswalle ho etsa hore ho be monate haholwanyane.

Mesebetsi ya lapeng e kang ho sebetsa serapeng, ho fiela, ho hlatswa diaparo ka matsoho, ke mefuta e meng ya boikwetliso. E sebetsa hantle haholo ha e tlatsetswa ka ho etsa dintho tse boletsweng pejana.

Theoha sepalangwang seo o se sebedisang pelenyana o fihla hae mme o tsamaye ka maoto ho fihlela hae kapa o sebedise ditepisi hoena le lifti hore o ikwetlise haholwanyane. Ke habohlokwa ho nahana ka polokeho ha o etsa sena.

Ke habohlokwa hore o se ke wa intsha kotsi ha o ntse o ikwetlisa. Etsa hore mmele o futhumale pele o ikwetlisa mme o ikotlolle ha o qeta ho ikwetlisa. Ikutlwe o photholohile ebile o bolokehile ha o ikwetlisa mme o kgaotse haeba o utlwa bohloko leha e le bofe.

Ho bohlokwa hore o ye ngakeng haeba o lemetse ka tsela efe kapa efe. Haeba o sa itlhokomele ha o lemetse, seo se ka etsa hore o se ke wa hlola o kgona ho ikwetlisa mme sena se ka ba kotsi bakeng sa bophelo ba hao bo botle.

Haeba o sebetsa dihora tse ngata mme hangata o fihla hae ho se ho le lefifi, re o kgothalletsa hore o fumane dithupelo tsa boikwetliso inthaneteng tse loketseng boemo ba hao ba boikwetliso le sebaka seo o nang le sona.

Dinnete

Phuputso e nngwe e kgolo e fumane hore batho ba neng ba sa ikwetlise ho latela dikgothalletso tse boletsweng ka hodimo ba ne ba le kotsing e kgolo ya ho tshwarwa ke malwetse a mangata a kotsi. Diphetho di akarelleditswe ka tlase mona. Ba neng ba sa ikwetlise ka tsela e kgothalleditsweng ba ne:



  • ba na le menyetla e etsang 16% ya ho tshwarwa ke Lefu la Pelo le sa Foleng (e leng se ka lebisang ho tlhaselong ya pelo)
  • ba na le menyetla e etsang 20% ya ho tshwarwa ke Mofuta wa 2 wa Lefu la Tswekere
  • ba na le menyetla e etsang 33% ya ho tshwarwa ke Kankere ya Matswele
  • ba na le menyetla e etsang 32% ya ho tshwarwa ke Kankere ya Mala
  • ba na le menyetla e etsang 28% ya ho bolawa ke bolwetse bofe kapa bofe

ha ba bapiswa le ba neng ba ikwetlisa ho latela dikgothalletso.

Ke habohlokwa ho hlokomela hore ho ba le malwetse ana ho ka baka kotsi e mpe haholo bophelong ba hao bo botle le ho boleng ba bophelo ba hao. Le leng le le leng la malwetse ana le tlisa mathata a mangata a bophelo bo botle.

Related Posts

Tags
  • Exercise