Lefu la Bolebadi

Post cover image

Dementia ke lentswe le pharaletseng le hlalosang bolwetse boo ho bona motho a nang le bothata ba temoho e sa sebetseng hantle. Ho haella ha temoho ho e nngwe ya tse latelang:

  • tlhokomelo
  • mohopolo
  • ho ithiba
  • ho nahana ka tsela e fetofetohang
  • ho ithuta
  • puo
  • bokgoni ba ho sebedisana le ho etsa dintho tikolohong e itseng
  • ho sebedisana le batho

Bothata bona bo mpefalang ba temoho bo ka bonwa ke batho ba haufi le motho eo kapa ka tlhahlobo eo ngaka a ka e etsang. Motho ya tshwerweng ke dementia o sitwa ho phela a le mong mme a ka nna a hloka motho ya mo hlokomelang.

Ka dinako tse ding dementia e bitswa Bothata ba Kelello ("Neurocognitive Disorder").

Ho na le dintho tse ngata tse ka etsang hore motho a be le Dementia kapa Neurocognitive Disorder. Tse ding tsa disosa ke tsena le ditlhaloso tsa hore na di baka dementia jwang, empa ha tsona kaofela.

Bolwetse ba Alzheimer

Batho ba nang le bothata bona ba na le protheine e itseng e bokellaneng bokong ba bona e etsang hore boko ba bona bo se sebetse hantle.

Bolwetse ba Methapo ya Madi

Mona methapo ya madi e hloleha ho fepela boko hantle mme kahoo seo se etsa hore bo se sebetse hantle. Sena se ka etsahala ka tlhaho ha motho a hola kapa e ka ba ka lebaka la dintho tse lematsang methapo ya madi, jwalo ka ho tsuba.

Bolwetse ba Boko bo Bakilweng ke Kotsi

Ho lemala boko, jwalo ka ha koloi e tjhaisa kapa ho lemala hangata hloohong (jwalo ka dipapading tse ding) ho ka etsa hore motho a be le dementia hamorao bophelong.

Ho sebedisa dithethefatsi

Ho sebedisa dithethefatsi kapa ho nwa jwala ho eketsa menyetla ya hore o tshwarwe ke dementia.

Tshwaetso ya HIV

Haeba tshwaetso ya HIV e sa laolwe hantle ka moriana, motho a ka ba le dementia.

Maemong a mangata lefu la dementia ha le fetohe. Empa ho itshetlehile ka sesosa le hore na sesosa se ka kgaotswa kapa fetolwa.

Kaha batho ba hodileng ba kotsing e kgolo ya ho tshwarwa ke dementia, ho bohlokwa hore ba hlokomelwe. Haeba o nahana hore motho e moholo lapeng leno o na le dementia, etsa bonnete ba hore o bonwa kgafetsa ke setho sa lelapa, mme o mo ise ngakeng haeba o tshwenyehile ka bophelo ba hae.

Related Posts