Kgatello e Phahameng ya Madi

Post cover image

Kgatello e Phahameng ya Madi ke eng?

Methapo ya hao e sebetsa jwalo ka diphaephe tsa madi a hao. Madi a phalla hara methapo ya hao ka kgatello e itseng. Kgatello e Phahameng ya Madi, ke ha kgatello ya madi a hao methapong ya hao e phahame. Kgatello e Phahameng ya Madi e bitswa "mmolai ya nanarelang" kaha hangata batho ha ba tsebe hore ba na le yona ho fihlela e hlahisa ntho e itseng e kotsi (sheba karolo ya: se etsahalang haeba e sa phekolwe). Kgatello e Phahameng ya Madi e ka beha bophelo kotsing.

Kgatello ya madi e fetang 140/90 mmHg ka makgetlo a mangata e nkwa e le kgatello e phahameng ya madi. Sena se a fetoha ha nako e ntse e feta le ha dingolwa di ntse di ntlafatswa.

Disosa tsa Kotsi

Disosa tse ngata di eketsa kotsi ya ho ba le Kgatello e Phahameng ya Madi, disosa tse atileng haholo ke:

  • Ho tsuba
  • Ho ba motenya
  • Ho se ikwetlise
  • Ho ja dijo tse nang le letswai le lengata le tse porosesitsweng.

Matshwao

Hangata Matshwao a Kgatello e Phahameng ya Madi ha a hlake, e leng se thatafalletsang batho ho hlokomela hore ba na le yona. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokwa hore o hlahlobe kgatello ya hao ya madi kgafetsa. Sebedisa karolo ya Goals ho epo ya Mandla hore o rekote le ho beha leihlo kgatello ya hao ya madi.

Ha lefu lena le mpefetse, ho tla hlaha matshwao a latelang:

  • ho opelwa ke hlooho
  • mathata a pono
  • ho tswa mmokola
  • ho fokollwa ke matla matsohong kapa maotong le ho shwa bohatsu

Thibelo le Phekolo

Ho bohlokwa hore o je hantle le ho ja dijo tse phepo entle, fokotsa letswai leo o le jang hore ebe thispune e 1 ka letsatsi.

Eja ditholwana le meroho e fapafapaneng letsatsi ka leng mme o fokotse mafura le oli eo o e jang.

Jwala le ho tsuba le tsona di ka baka kgatello e phahameng ya madi, kahoo leka ka hohle ho fokotsa dintho tsena.

Haeba o nonne haholo, ikwetlise mme o je dijo tse nang le phepo e nepahetseng hore o fokotse boima ba mmele wa hao hore bo fihlele boemong bo nepahetseng.

Bala dibukana tsa rona tse buang ka phepo e nepahetseng, boikwetliso, jwala le ho tsuba hore o ithute haholwanyane.

Phekolo

Mohato wa pele wa bohlokwa wa ho phekola kgatello e phahameng ya madi ke ho ntlafatsa tsela eo o phelang ka yona. Jwalo kaha ho boletswe ka hodimo, ho ja dijo tse nang le phepo e nepahetseng, ho ikwetlisa le ho kgaotsa ho tsuba le ho nwa jwala, ke mehato ya bohlokwa haholo ya ho thibela le ho phekola kgatello e phahameng ya madi.

Ho na le moriana oo o ka o nwang ho laola Kgatello e Phahameng ya Madi. Ho na le mefuta e fapaneng ya meriana eo ngaka ya hao e ka o fang yona, jwalo ka:

  • ACE inhibitors (hangata e le enalapril) bakeng sa ho fokotsa kgatello ya madi le ho ntlafatsa tshebetso ya diphio
  • Beta blockers le calcium channel blockers (hangata amlodipine) bakeng sa ho fokotsa kgatello ya madi
  • Di-Diuretics kapa ‘dipidisi tsa metsi’ (hangata Ridaq) bakeng sa ho fokotsa metsi a mangata diphiong.

Ho ka etsahalang haeba e sa phekolwe?

Kgatello e phahameng ya madi e ka senya ditho tsa bohlokwa haholo. E ka baka seterouku boking ba hao ka ho kwala kapa ho phatloha ha methapo ya madi. Pelong ya hao, e ka boela ya thibela phepelo ya madi mesifeng mme ya baka bohloko ba sefuba, ho hloleha ha pelo ho sebetsa hantle le/kapa lefu la pelo. Kgatello e phahameng ya madi e ka boela ya senya diphio tsa hao, tse phethang karolo ya bohlokwa haholo ya ho ntsha tjhefu mading a hao.

Related Posts

Tags
  • Hypertension