Ho Ntsha Mpa

Post cover image

Ho Ntsha Mpa - Molao wa Naha wa Kgetho ya ho Ntsha Mpa (The Choice of Termination of Pregnancy, TOP) wa 1996

Molao wa Naha wa TOP wa 1996, ke molao o sebediswang hajwale ke mmuso wa Afrika Borwa nakong eo bukana ena e neng e ngolwa. Molao ona o totobatsa tokelo ya moimana ya ho ntsha mpa e sa qala le ka polokeho ho latela boikgethelo ba hae.

O ka kopa ho ntsha mpa setsing sa tlhokomelo ya bophelo bo botle sebakeng sa heno dibekeng tsa pele tse 12 tsa boimana.

Kamora dibeke tse 12

Kamora dibeke tse 12 tsa boimana, mpa e ka ntshwa tlasa ditokisetso tse kgethehileng. Mpa e ka ntshwa haeba:



Ho na le kotsi ya ho lemala mmeleng kapa kelellong e ka hlahelang mme.

Ho na le kotsi ya ho lemala mmeleng kapa kelellong ha lesea le ntseng le hola.

Motho a imme ka lebaka la peto kapa ho etsa thobalano le mong ka yena

Ho tswela pele ka boimana ho tla ama haholo maemo a setjhaba le a ditjhelete a moimana.

Ho ima ha batjha

Batjha ba ka fana ka tumello ya sena ka bobona. Leha ho le jwalo ba kgothalletswa ho batla keletso ho bahlokomedi/batswadi ba bona pele ba etsa qeto ena.

Ho fedisa boimana: Tsela eo ho etswang ka yona

Ho na le mefuta mmedi ya mekgwa ya ho ntsha mpa Afrika Borwa. E itshetlehile ka hore motho ke moimana nako e kae. Ho na le mekgwa ya meriana le ya ho buuwa. Mekgwa ena e sebetsa hantle haholo mme ho bohlokwa ho elellwa hore motho a ka boela a ima hape ka mora ho ntsha mpa.

Ho Ntsha Mpa ka Moriana

Moimana wa dibeke tse ka tlase ho tse 9

Ho ntsha mpa ka moriana ho etswa ka ho ntsha se ka popelong ka ho sebedisa dipidisi tse pedi: mifepristone le misoprostol.

Mifepristone e sebetsa ho nolofatsa molomo wa popelo le ho etsa hore popelo e finehale. Sena se etsa hore ho ntshwe mpa ka ho ntsha se ka popelong. Ho fanwa ka mifepristone pele mme e ka nowa kapa ya kengwa ka hara setho sa botshehadi.

Misoprostol e etsa hore molomo wa popelo o nolofale le ho feta le hore popelo e finehale haholo. Sena se nka matsatsi a 2 ho isa ho a 3 kamora mifepristone. Misoprostol e na nowa lapeng.

Kamora pidisi ya bobedi, ho bohlokwa hore o kgutlele setsing sa tlhokomelo ya bophelo bo botle sebakeng sa heno ho netefatsa hore mpa e ntshitswe ka katleho le hore ha o sa imme, o lokela ho fumana letsatsi la tshalomorao tleleniking ya haeno. Ho ntsha mpa ka moriana ho sebetsa hantle haholo.

Moimana wa dibeke tse 9 ho isa ho tse 14

Ho latelwa mehato e tshwanang le e boletsweng kahodimo ha ho ntshwa mpa mokgahlelong ona.Leha ho le jwalo, ho na le ditekanyetso tse eketsehileng tsa misoprostol tse nowang dihoreng tse ding le tse ding tse tharo ho fihlela ho qetilwe ho ntsha mpa.

Seo o ka se lebellang nakong ya ho sebedisa moriana wa ho ntsha mpa le kamorao ho moo

Ho ntsha mpa ho ka elellwa ka bohloko le ho tswa madi pele o nwa moriana wa bobedi, wa misoprostol. Sena se ka etsahala ka mokgwa o sa lebellwang mme se ka nka dihora tse isang ho tse 24 ho qala.

Kamora ho nwa misoprostol, o ka ba le dintho tse latelang:



Ho tswa madi haholo dihorahora. Ho tswa madi haholo ho nang le diqaka ho feta ha o le matsatsing. Ho tswa madi ho qetella ho kokobela ebe a tswa ka tsela e tlwaelehileng le ha o le matsatsing.

Bohloko bo batlang bo tshwana le ha o le matsatsing kapa bo fetang moo

  • Ho tsekela
  • Ho opelwa ke hlooho
  • Feberu
  • Ho hlatsa
  • Letshollo

Ho ntsha mpa ka ho buuwa

Maemong a mang, ho kgothalletswa mokgwa ona wa ho ntsha mpa.

Ha ho etswa mokgwa ona, molomo wa popelo o bulwa ka misoprostol, ho bitswang cervical priming. Ka mora cervical priming, ho ntshwa lesea le ntseng le hola ka hara popelo ka sesebediswa sa letsoho sa vakhumu.

Ho atolosa molomo wa popelo le ho tsamaiswa ha lesea ha le ntshwa ka popelong ho bohloko mme mofani wa hao wa tlhokomelo ya bophelo bo botle o tlameha ho o fa moriana o lekaneng o kokobetsang bohloko.

Seo o lokelang ho se etsa kamora ho ntsha mpa



Ho ntsha mpa ho ka o sithabetsa haholo maikutlong, kelelong le moyeng.Ho bohlokwa hore o be hara batho ba tla o tshehetsa maikutlong.

O ka kopa ho hlabollwa pele kapa kamora ho ntsha mpa

Haeba o ntshitse mpa ho tloha dibekeng tse 14 kamora ho ima (mokgahlelo wa bobedi wa dikgwedi tse tharo), o ka nna wa fuwa dithibelamafu. Ho bohlokwa hore o etse sena e le ho thibela tshwaetso ya popelo

Ha ho a tlwaeleha hore ho be le mathata ka mora ho ntsha mpa ka tsela e bolokehileng. Haeba a ka hlaha, etela setsi sa tlhokomelo ya bophelo bo botle se haufi ka potlako. A ka akarelletsa:



Ho tswa madi haholo (haemorrhage)- a tlatsa diphete tse pedi tse kgolo ka hora ka nako e fetang dihora tse pedi kapa ho tswa mahlwele a boholo bo lekanang le lemone e nyane

Tshwaetso: feberu, monko o mobe kapa ho tswa lero le fetohileng mmala

Related Posts

Tags
  • Termination of Pregnancy
    Abortion
    ToP
    Womens Health
    Sexual Health