Bophelo bo Botle ba Thobalano

Post cover image

Bophelo bo botle ba thobalano bo ne bo akarelletsa boikutlo bo nepahetseng, ba ho hlompha le bo thabisang dikamanong tsa thobalano. Thobalano e lokela ho etswa ke batho ba babedi kapa ho feta ba baholo ba dumellaneng ka tsela e bolokehileng ntle ho qobello. Bala ka bophelo bo botle ba thobalano le bothata ba thobalano letotong la rona la bophelo bo botle ba thobalano.

Kaha o thetsana haholo le motho e mong ka mmele, mafu a mang a ka fetela mmeleng wa hao. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokwa hore o itshireletse ha o etsa thobalano. Ho sebedisa khondomo ho o sireletsa hore o se jale le ho fumana mafu a jwalo ka HIV. Malebela mabapi le ho sebedisa khondomo, o se ke wa sebedisa setlolo se thapisang jwalo ka oli ya bana kapa vaseline, dintho tsena di etsa hore khondomo e thabohe habonolo, ho fapana le hoo sebedisa ditlolo tse metsi.

Haeba o sa batle ho ba le bana ka nako eo, ho molemo hore o sebedise o mong wa mekgwa ya ho thibela pelehi e hlalositsweng bukaneng ya Ho Laola Pelehi letotlong lena

Bukana ya rona e buang ka Bothata ba peto e fana ka tlhahisoleseding ya seo o ka se etsang ha o hlekefetswa ka thobalano. Ho boetse ho na le bukana e buang ka thibelapelehi ya tshohanyetso le ho ntsha mpa haeba o imme ntle le maikemisetso.

Bothata ba thobalano bo hlaha, haeba motho a se na takatso ya thobalano kapa bothata ba ho ba le takatso kapa ho tsohelwa ha ho etswa dintho tse etsang hore batho ba tsohelwe. Sena se baka kgatello ya maikutlo le ho se kgotsofale ho bohle ba amehang. Haeba o batla ho ithuta haholwanyane ka bothata ba thobalano, e ya mehloding e meng ya rona (ha re tsebe hore na ena e tla ba bukana kapa mehlodi e meng feela).

Bana le tlhekefetso ya thobalano

Ke habohlokwa ho sireletsa bana tlhekefetsong ya thobalano. Eba hlokolosi hore na o siya ngwana wa hao le mang mme o etse bonnete ba hore o sheba matshwao ao ngwana wa hao a ka nnang a a sebedisa ho kopa thuso.Bala bukana ya rona ya mathata a peto ho fumana tlhahisoleseding le thuso.

Bao o ka ikopanyang le bona

Maponesa a ka o thusa haeba o hlekefeditswe ka thobalano. Ba ka o bolella hore na o ka ya ho mang. Dingaka le basebeletsi ba setjhaba le bona ba ka o thusa. Sebedisa websaete ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho fumana thuso le ho tseba haholwanyane ka tlekefetso ya banna le basadi (gbv.org.za).

Ho boetse ho na le mekgatlo e ka thusang, e jwalo ka “People Opposed to Woman Abuse”, o ka ba letsetsa ho (011 642 4345) kapa wa ya ho websaete ya bona (http://www.powa.co.za).

Haeba bana ba hlekefetswa ka thobalano o ka letsetsa Mohala wa Thuso ya Bana wa Afrika Borwa ho (0800 055 555) kapa ka ho ya ho websaete ya bona (http://www.childlinesa.org.za/). O ka boela wa ikopanya le Child Welfare South Africa ka ho letsetsa (074 080 8315) kapa ka ho ya ho websaete ya bona (http://childwelfaresa.org.za/).

Malapa a sebetsanang le tlhekefetso ya thobalano a ka boela a ikopanya le Families South Africa (FAMSA) ho fumana thuso. O ka letsetsa (011 975 7106/7) kapa wa ya websaeteng ya bona (http://www.famsaorg.mzansiitsolutions.co.za/).

O ka fumana boitsebiso bona ba ho ikopanya leqepheng la mehlodi e meng. Ho na le mekgatlo e meng e mengata e ka thusang.

Related Posts

Tags
  • Sexual Health