Bothata ba ho Tsepamisa Mohopolo bo Feteletseng

Post cover image

ADHD ke bothata boo motho a nang le bothata ba:

  • Bothata ba ho tsepamisa mohopolo (ho lelera ha kelello)
  • Ho ba mahlahahlaha ka ho feteletseng (hyperactivity)
  • Ho etsa dintho o sa nahana (impulsivity)

Jwalo kaha o ka inahanela feela, matshwao ana a bakela motho bothata ba ho sebetsa hantle.

ADHD ho bana

ADHD ho bana e bonahala ha ba dula ba sa tsepamise mohopolo, ba le mahlahahlaha ka ho feteletseng le ho etsa dintho ba sa nahana maemong a fapaneng (sekolong, lapeng, jj.). Sena se fella ka mathata a ho ithuta le ho sebedisana le batho ba bang.

Bana ba nang le ADHD ba boetse ba kotsing ya ho tepella maikutlo, mathata a boitshwaro le ho sebedisa dithethefatsi hampe hamorao bophelong. Kahoo ho bohlokwa ho hlokomela ADHD e sa qala ebe o isa bana ho ditsebi tsa bophelo bo botle ba kelello e le hore ho ka etswa meralo ya ho bo laola bakeng sa ngwana le ba lelapa la hae

ADHD ho batjha

Batjha ba nang le ADHD ba na le mathata a boitshwaro jwalo ka ho ba mabifi le ho se sebetse hantle sekolong. Ho se sebetse hantle sekolong ho ka nna ha se amahanngwe ka ho feletseng le mathata a boitshwaro, empa e ka ba lebaka la mathata a ho ithuta.

Hangata batjha ba nang le ADHD ba hloka botsitso ebile ba itshwara ka tsela e feteletseng. Sena se fella ka boitshwaro bo kotsi haholo jwalo ka ho nwa jwala haholo le kotsi ya boitshwaro ba thobalano boka behang maphelo a bona le a batho ba bang kotsing.

ADHD ho batho ba baholo

Matshwao a ADHD a tswela pele ho tloha bongwaneng, ho ya botjheng le ho fihlela boholong. Ho batho ba baholo, matshwao a ADHD a batla a ipatile ho feta bongwaneng, jwalo ka:

  • Ho se be hlokolosi
  • Ho se kgone ho hlophisa dintho hantle
  • Ho se kgone ho beha dintho tse tlang pele pele
  • Ho fetofetoha maikutlo, ho teneha le ho halefa kapele
  • Ho ba sefelwapelwana
  • Boitshwaro bo kotsi

Phekolo

Tlhahlobo ya ADHD e etswa ke ditsebi tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle jwalo ka ngaka ya mafu a kelello kapa ditsebi tsa kelello. ADHD e phekolwa ka mekgwa e mengata ka sepheo sa ho fokotsa matshwao a ADHD ho etsa hore a kokobele mme o nahane ka bophelo.

Ho phekola ntle le meriana

Phekolo ya ho bua le setsebi sa kelello

Sepheo sa phekolo ena ke ho thusa motho ya nang le ADHD, ba lelapa la hae le metswalle ho sebetsana le mathata a bakwang ke ADHD. E ka nna ya kenyelletsa mekgwa e latelang, le e fetang eo:

  • Bana: mananeo a boitshwaro a ho thusa ngwana hore a dule a hlophisehile le hore a dule a etsa jwalo
  • Batjha: A batla a tshwana le a bana, empa ke a loketseng dilemo tsa bona
  • Batho ba baholo: Ho rarolla mesebetsi e meholo hore ebe e menyane, le mesebetsi e ka kgonehang.

Phekolo ya Moriana

Sepheo sa phekolo ya moriana ke ho fokotsa mahlahahlaha le ho etsa dintho ba sa nahana le ho ntlafatsa ho tsepamisa mohopolo. Moriana o atiswang ho sebediswa ho phekola ADHD ke mefuta ya meriana e bitswang dihlasimolli (stimulants).

Dihlasimolli

Meriana ena, e jwalo ka concerta le ritalin, e eketsa bokgoni ba ho nahana hantle le ho tsepamisa mohopolo ka ho eketsa homoune e bitswang dopamine bokong.

Ditlamorao tse mpe tsa dihlasimolli ke ho theoha mmeleng le ho hloka takatso ya dijo.

Meriana eo eseng dihlasimolli

Meriana eo eseng dihlasimolli, e jwalo ka atomoxetine le guanfacine, e sebediswa ho bana ba nang le ADHD. Di na le diphello le ditlamorao tse tshwanang le dihlasimolli, le hoja di nka nako e telele ho qala ho sebetsa.

Related Posts

Tags
  • ADHD