Bolwetse ba ho Ruruha Ditho Tsa Pelehi

Post cover image

Bolwetse ba ho Ruruha Ditho Tsa Pelehi ke tshwaetso ebe ho latela ho ruruha ha dikarolo tse ka hodimo tsa ditho tsa botona kapa botshehadi. Karolo e ka hodimo ya ditho tsa botona le botshehadi e qala ka hodima molomo wa popelo mme e akarelletsa:


  • Endometrium, eo ha e ruruhile e bitswang endometritis
  • Ditjhubu tsa Fallopian, tseo ha di ruruhile di bitswang salpingitis
  • Mahe a bomme, ao ha a ruruhile e bitswang oophiritis

Disosa tsa Kotsi


  • Batho ba ka tlase ho dilemo tse 25 ba etsang thobalano
  • Ho etsa thobalano le batho ba bangata
  • Malwetse a tshwaetsanwang ka thobalano (STI) a nakong e fetileng
  • Bolwetse ba ho Ruruha Ditho tsa Pelehi ba nakong e fetileng

Bolwetse ba ho ruruha ditho tsa pelehi (PID) bo bakwa ke eng?

Dikokwanahloko tse ding tsa baktheria, tse bitswang dikokwanahloko tse hlaselang, di kena karolong e ka tlase ya ditho tsa bong (ka tlasa molomo wa popelo) nakong ya thobalano. Ka mora moo tshwaetso e namela molomong wa popelo le ho feta e leng se etsang hore ho be le bolwetse ba ho ruruha diitho tsa pelehi (PID). Ho ruruha hona ho fella ka ho senyeha ha disele le ho ba le boladu dibakeng tse amehileng.

Matshwao

  • Bohloko bo tlase mpeng
  • Ho tswa ha lero le sa kgahliseng sethong sa botshehadi
  • Feberu
  • Ho tswa madi a sa tlwaelehang sethong sa botshehadi
  • Ho ntsha metsi hangata kapa ka tsela e sa tlwaelehang

Phekolo

Phekolo ya PID e akarelletsa:

  • Ho phekola malekane ba thobalano
  • Ho phekola bohloko ba mpa ka ho sebedisa moriana wa bohloko
  • Meriana e phekolang tshwaetso ya baktheria

Thibelo

  • Thibelo ya pelehi jwalo ka dikhondomo tsa banna le basadi
  • Dithibela pelehi tse nowang
  • Ho tlama ditjhubu (ho nyopisa)



Related Posts

Tags
  • PID
    STI