Selelekela sa Bophelo bo Botle ba Kelello

Post cover image

Bophelo bo botle ba kelello ke eng?

Ho phela hantle kelellong ho bolela hore o hlokomela bokgoni ba hao, o ka kgona ho sebetsana le kgatello e tlwaelehileng ya bophelo, o ka kgona ho sebetsa hantle ka katleho ebile o kgona ho tlatsetsa ho thuseng setjhaba sa heno. Bothata ba kelello ke ha o na le ntho e itseng e sa o dumelleng ho phela bophelo bo botle ba kelello.

Mathata a kelello a tshwana le mafu a mang mme a lokela ho phekolwa ka tsela e tshwanang. Ho na le mefuta e mengata e sa tshwaneng ya mafu a kelello. Mehlala ya mafu a kelello ke baephola, ho tepella maikutlo, ho tshwenyeha, sekitsofenia, dementia le austism. Ho kula kelellong ho ka baka ho tshwenyeha haholo le ho ama boleng ba bophelo ba motho haholo. Haeba o na le lefu la kelello, ho bohlokwa ho tseba hore batho ba bangata le bona le ba tshwere, le hore ho na le ditsela tse ngata tsa ho le phekola le ho le laola.

Bokudi ba kelello bo bakwa ke eng?

Ho na le dintho tse ngata tse ka bakang lefu la kelello. Dintho tse kang ho ba le ntwa naheng ya heno, ho imelwa kelellong, ho hlahelwa ke ketsahalo e sithabetsang le ho sebedisa dithethefatsi ho ka baka lefu la kelello. Batho le bona ba tshwalwa ba na le mafu a kelello. Ho boetse ho utlwisiswa hore ho ka nna ha ba le mabaka a itseng a diphatsa tsa lefutso tse amehang, se bolelang hore mafu a kelello a ka teng malapeng.

O lokela ho etsang?

Mathata a mang a kelello a ka ntlafatswa ke ho fetola tsela eo motho a phelang ka yona, ho phaella ho kalafo kapa phekolo ya moriana. Lethathamo la dintho tseo o ka di etsang ke lena:

  • Dijo tse nang le phepo e nepahetseng
  • Ho robala ka ho lekaneng
  • Ho ikwetlisa
  • Tshehetsa bana ba hao
  • Iphe nako ya ho ba le metswalle e molemo le ho tshehetsana
  • Kopa thuso haeba o utlwile bohloko, o imetswe kelellong kapa o kgathatsehile
  • Haeba o nahana hore o na le bothata ba ho sebedisa dithethefatsi hampe, kopa thuso ho ngaka ya hao

Haeba o ikutlwa hore ha o kgone ho sebetsana le boemo boo, ho na le ditsebi tse ka o thusang.

O lokela ho ya ho mang?

Ho ba le bolwetse ba kelello ho tshwana le ho ba le mofuta ofe kapa ofe wa bolwetse. O tshwanelwa ke phekolo. Ho na le dingaka, baoki le ditsebi tsa kelello tse ka thusang batho ba nang le mafu a kelello.

Haeba o na le lefu la kelello kapa o ikutlwa eka o hloka tshehetso bakeng sa lefu la hao la kelello, o tlameha ho bona batho bana ba ka o thusang. Bakeng sa mafu a mang a kelello, ho na le moriana o ka thusang, kahoo ke ntho e ntle hore o bone ngaka ya hao.

Related Posts

Tags
  • Mental Health