Mathata a ho tshwenyeha

Post cover image

Ho tshwenyeha ke eng mme ho fetoha bothata neng?

Ho tshwenyeha ke ntho eo motho a e etsang ha a lebelletse hore ho tla hlaha kotsi e itseng kapa ntho e tshosang. Ka dinako tse ding ho molemo, jwalo kaha o lokisetsa ho fana ka puo. Ho tshwenyeha ho fetoha bothata ha ho amahanngwa le ho tshaba ho feteletseng le matshwenyeho a etsang hore motho a se kgone ho sebetsa hantle.

Ho na le mathata a fapaneng a ho tshwenyeha mme bukana ena e tla bua ka bokgutshwanyane ka mathata a tlwaelehileng haholo:

Bothata ba ho tshoha

Bothata ba ho tshoha bo fumanwa ha ho hlokomelwa hore motho o tshoha ka ho phetapheta. Ditlhaselo tsena tsa ho tshoha di etsahala ka tshohanyetso mme ha di rerise.

Ka mora tlhaselo eo ya ho tshoha, motho o qeta kgwedi a dula a tshwenyehile ka hore ho ka nna ha ba le ditlhaselo tse ding tsa ho tshoha e leng se etsang hore a ikarole ho batho ba bang le ho qoba maemo a itseng.

Matshwao a tlhaselo ya ho tshoha


  • Ho hema ka thata
  • Bohloko sefubeng kapa ho se ikutlwe hantle
  • Ho otla ha pelo ka sekgahla
  • Ho qhwelwa le ho kwenya ka thata
  • Ho se ikutlwe hantle ka mpeng
  • Ho thothomela le ho qhaqhasela
  • Ho fufulelwa
  • Ho shwa bohatsu
  • Ho tsekela
  • Ho tjhesa kapa ho hatsela
  • Ho tshaba haholo

Agorafobia

Tshabo e eketsehang ya tlhaselo e nngwe hape e etsa hore o batle ho ba mong mme o qobe ho etsa dintho tse tlwaelehileng. Tshabo ena e tliswa ke ho nahana hore mesebetsi ena e ka nna ya tlisa tlhaselo ya ho tshaba. Sena se bitswa agorafobia, tshabo e matla ya ho ba le tlhaselo ya ho tshoha dibakeng tsa setjhaba moo ho ka nnang ha ba thata ho baleha e leng se ka fellang ka hore seo se o hlabise dihlong le ho o tlontlolla, jwalo ka:



  1. Dipalangweng tsa setjhaba
  2. Dibakeng tse bulehileng (mohlala, diphakeng)
  3. Dibakeng tse kwalehileng (mohlala, dishopong kapa disinemeng)
  4. Ho ema moleng kapa hara batho
  5. Ho ba ka ntle ho ntlo o le mong

Kahoo sena se fokotsa mosebetsi wa motho kaha ha ho moo a ka bang teng a le mong a sa tshabe.

Bothata ba ho tshwenyeha hara batho kapa fobia ya batho

Fobia ke tshabo e matla le e sa utlwahaleng ya ntho e itseng. Difobia ke mathata a tlwaelehileng a kelello.

Ho tshwenyeha hara batho ke tshabo e matla ya ho hlabiswa dihlong le ho tlontlolleha dibakeng tsa setjhaba. Tshabo ena ya ho kopana le batho ba bang jwalo ka ho qoqa kapa ho kopana le batho, ho nka karolo ketsahalong e itseng ho ka etsa hore motho a tshohe e leng se ka etsang hore a qale ho swaba kapa ho thothomela. Bana ba ka bontsha ho tshwenyeha ka ho lla, ho itharubanya le ho tsitsipana.

Batho ba nang le bothata ba ho tshwenyeha ha ba le hara batho ba qoba ho ba hara bona ka lebaka la ho tshaba ho tlontlolleha.



Bothata ba ho tshwenyeha ka ho feteletseng

Bothata ba ho tshwenyeha ka ho feteletseng ke ho tshwenyeha ka matsatsi a mangata a beke bonyane ka dikgwedi tse tsheletseng. Motho ya nang bothata ba ho tshwenyeha ka ho feteletseng o kgathatseha haholo ka eng kapa eng eo a tshwenyehileng ka hore e ka mo hlasela. Ho tshwenyeha le ho kgathatseha ho ka baka:

  1. Ho hloka botsitso kapa ho ba boemong ba ho tshaba
  2. Ho kgathala habonolo
  3. Mathata a ho tsepamisa mohopolo
  4. Ho halefa
  5. Mesifa e satalletseng
  6. Mathata a ho robala



Bothata ba ho imelwa kelellong kamora kotsi (PTSD)

Motho a ka ba le PTSD kamora ho anngwa ke lefu, ho lemala kapa pefo ka:

  1. Ho angwa ke ketsahalo eo ka ho toba
  2. Ho bona seo se etsahalla batho ba bang
  3. Ho utlwa ka ketsahalo e bohloko e etsahalletseng motswalle wa hlooho ya kgomo
  4. Ho dula o utlwa ka dintlha tsa ketsahalo e sithabetsang maikutlo

Ho hopola diketsahalo tsena le ho di lora ho ka fella ka matshwao a kgatello ya maikutlo, tshebediso e mpe ya jwala le ditlhaselo tsa ho tshaba.

Phekolo

Mathata a sa tshwaneng a ho tshwenyeha a na le mekgwa e sa tshwaneng ya ho a phekola. Mefuta e mmedi e sebetsang ka ho fetisisa ke mofuta wa phekolo ya mokgwa wa kelello wa ho nahana le moriana.

Phekolo ya mokgwa wa kelello wa ho nahana (Cognitive behavioural therapy, CBT)

CBT e thusa motho ya nang le mathata a ho tshwenyeha ho tobana le tshabo ya hae le matshwenyeho ka mekgwa ya ditsebi e le hore motho ya nang le matshwenyeho a ka ba le tsebo e ntle ya ho sebetsana le maemo a mo bakelang ho tshaba le ho ba le sebete sa ho tobana le ona.

Phekolo ya bongaka

Meriana e lwantshang kgatello ya maikutlo, mohl., fluoxetine, citalopram: e thusa ho fokotsa ho tshwenyeha le ho ntlafatsa maikutlo.

Di-Benzodiazepine, mohl., diazepam (valium), lorazepam. Di-benzodiazepine di fokotsa ho tshwenyeha le ho imelwa kelellong ka ho o kokobetsa maikutlo.

Meriana e bitswang di-beta blocker le yona e ka sebediswa ho fokotsa kgatello ya maikutlo, ho fufulelwa, ho tshoha le ho thothomela.

Related Posts

Tags
  • Anxiety
    PTSD