Ho tsuba

Post cover image

Ho tsuba ho kotsi bophelong ba hao

Ho tsuba nako e telele ho amahanngwa le dikotsi tse kgolo bophelong. Keletso e molemo ka ho fetisisa ya dingaka ke hore o kgaotse ho tsuba neng kapa neng ha ho kgoneha. Ho a utlwahala hore ho ka ba thata ho kgaotsa ho tsuba kaha batho ba tsuba ka mabaka a mangata. Re kgothalletsa hore motho a fokotse palo ya disakarete tseo a di tsubang ka letsatsi ka sepheo sa ho kgaotsa ka letsatsi le leng. O ka tseba hore na o tsuba hakae ka ho sebedisa karolo ya goals ho epo ena. 

Ho tsuba ho amahanngwa le:

Kankere ya Matshwafo

Ho hema mosi wa sakarete ho kenya dikhemikhale tse ngata mmeleng. Disele tse kwahelang matshwafo a hao le mmetso di angwa ke mosi wa sakarete. Ka lebaka la ho ameha hona ho tswelang pele, disele di a senyeha. Tshenyo ena e fella ka hore disele di se ke tsa ntjhafala hantle. Di qala ho etsa diphoso ha di intjhafatsa mme diphoso tsena di ka fella ka hore disele di be le kankere.

Lefu la methapo ya madi

Dikhemikhale ke kenang mading a hao di ama methapo e meholo le e menyane ya madi. Ka tsela e itseng, madi le ona a "tiya". Tshenyo ena ya mahlakore a methapo ya madi le phetoho ya madi e ka baka seterouku bokong le lefu la pelo. E boetse e eketsa haholo kotsi ya ho ba le kgatello e phahameng ya madi.

Dikotsi ho ngwana ya so hlahe

Ho tsuba kapa ho ba hara batho ba tsubang, nakong eo o leng moimana le hona ho ka lematsa lesea le so tswalwe. Mosi wa sakarete o ka etsa hore ngwana a tswalwe pele ho nako mme a le monyane. Sena se ka lematsa lesea.

Ka karolelano, batho ba tsubang ba shwa pele ho batho ba sa tsubeng ka dilemo tse 13 ho isa ho tse 14. Ke ka lebaka leo haeba o tsuba, ho bohlokwa hore o kgaotse. Ha ho mohla o siilweng ke nako.



Tsela ya ho kgaotsa ho tsuba

Ho na le ditsela tse ngata tsa ho kgaotsa ho tsuba mme ho itshetlehile ka hore ke eng e sebetsang ho wena, empa ntho ya bohlokwa ke matla a hao le boikemisetso ba ho kgaotsa. Malebela ke ana:

• Beha letsatsi leo o batlang ho kgaotsa ka lona

• Ipotse hore ke hobaneng ha o batla ho kgaotsa? Hape ipotse hore na ke hobaneng ha o so kgaotse?

• Etsa lethathamo la mabaka a ho kgaotsa

• Etsa qeto ya hore na o tla kgaotsa jwang

• Bolella batho hore o tlohela ho tsuba mme o kope thuso ya bona le tshehetso.

• Qala ka ho fokotsa palo ya disakarete tseo o di tsubang ka letsatsi

• Bua le motho ya kileng a tsuba

• Lahla ntho leha e le efe e o hopotsang ho tsuba

• Ikwetlise le ho kenela dipapadi

• Ikgopotse hore ke hobaneng ha o batla ho kgaotsa

• Qoba maemo a tla etsa hore o batle ho tsuba, jwalo ka jwala le dibaka tseo batho ba tsubang ho tsona



Buisana le ngaka ya hao kapa mofani wa tlhokomelo ya hao ya bophelo bakeng sa tshehetso.


Related Posts

Tags
  • Smoking