Sewa sa COVID-19

Post cover image

Dikokwanahloko tsa corona

Dikokwanahloko tsa corona ke sehlopha sa dikokwanahloko tse ka bakang bolwetsi ho tloha ho sefuba se tlwaelehileng ho isa ho malwetse a mang a mpefetseng jwalo ka bolwetse bo mpefetseng bo sa foleng ba ho phefumoloha (acute respiratory syndrome, SARS). Ho ile ha netefatswa hore kokwanahloko e ntjha e fumanweng ya corona, e leng Severe Acute Respiratory Syndrome Coronavirus 2 (SARS-CoV-2) e baka bolwetse bo tshwaetsanang, Bolwetse ba Kokwanahloko ya Coron 2019 kapa COVID-19.

Qalong COVID-19 e ile ya fumanwa dijong tsa lewatleng, diphoofolong tse hlaha le ho dikgoho naheng ya China, mme ho tloha ka nako eo e ile ya namela dinaheng tse fetang 100, ho akarelletsa le Afrika Borwa. Ka Hlakubele 2020, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle o ile wa eletsa hore Covid-19 e ne e na le matshwao a ho ba lefu la sewa. Lefu la sewa le bolela ho ata le ho nama ha bolwetse lefatsheng ka bophara.

COVID-19 e nama jwang pakeng tsa batho

Kokwanahloko ena e nama ka ditsela tse ngata tse fapaneng:

  • Kokwanahloko ena e nama ho tswa molomong kapa nkong ya motho ya tshwaeditsweng ke yona ka mafafatsane a metsi ha a kgohlela, a bua, a bina kapa hema. Mafafatsane ana a metsi a ka fapana ho tloha ho marothodi a maholo ho isa ho a manyane a nyanyatsang (aerosols).
  • Kokwanahloko ena e nama haholo pakeng tsa batho ba atamelaneng, sebaka sa mithara e le nngwe. Motho o tswaetswa haeba a fumana marothodi a nang le kokwanahloko ka mahlong a hae, nkong kapa molomong.
  • Dibakeng tseo moya o sa fokeng hantle kapa moo ho tletseng batho ba bangata, mafafatsane a manyane a ka dula moyeng mme a tsamaya sebaka se fetang mithara e le nngwe.
  • Batho ba ka boela ba tshwaetswa ka ho tshwara dibaka tse tshwaeditsweng ke kokwanahloko ebe ba tshwara dinko tsa bona, mahlo kapa molomo.

Batho ba tshwaeditsweng ba fetisa kokwanahloko neng

Diphuputso di bontsha hore batho ba tshwaetswa bonyane matsatsi a 2 pele ba ba le matshwao le qalong ya bokudi ba bona. Batho ba nang le bolwetse bo mpefetseng ba ka tshwaetsana le ba bang nako e telele.

Batho ba tshwaeditsweng ba bonahala jwang

Ha batho ba tshwaeditswe, ba ka ba le matshwao, ba se bontshe matshwao kapa ba ba le yona pele ba bontsha matshwao. Ba sa bontsheng matshwao kapa ba bang le tshwaetso pele ba bontsha matshwao ho bolela batho ba senang matshwao. Batho ba sa bontsheng matshwao ke ba tshwaeditsweng ke kokwanahloko empa ha ba bontshe matshwao leha e le afe. Ba bang le tshwaetso pele ba bontsha matshwao ke batho ba so kang ba bontsha matshwao empa ba ba le matshwao hamorao.

Batho ba nang le matshwao ba ka ba le matshwao a latelang ho tloha ho bolwetse bo bobebe ho isa ho bo mpefetseng.

Matshwao a tlwaelehileng haholo

  • Feberu
  • Ho kgohlela ho omeletseng
  • Mokgathala

A sa tlwaelehang haholo

  • Mesifa e bohloko
  • Ho opelwa ke mmetso
  • Letshollo
  • Ho opelwa ke hlooho
  • Ho se kgone ho fofonela kapa ho latswa
  • Makgopho letlalong

Matshwao a mpefetseng

  • Ho hema ka thata kapa ho fellwa ke moya
  • Bohloko sefubeng kapa ho se ikutlwe hantle
  • Ho se kgone ho bua kapa ho tsamaya

Nka qoba jwang kotsi ya ho tshwarwa ke COVID-19


  • Ka ho hlapa matsoho a hao kgafetsa ka sesepa le metsi
  • Ka ho hlwekisa matsoho a hao ka setlolo sa letsoho se nang le jwala
  • Ka ho qoba ho itshwara sefahleho
  • Ka ho kwahela molomo wa hao le nko ka maske e o lekanang hantle
  • Ka ho dula lapeng haeba o utlwa o sa phela hantle
  • Ka ho se atamelane le motho e mong dibakeng tsa setjhaba
  • Ka ho qoba ho nka maeto ho sa hlokahale le ho kopana le dihlopha tse kgolo tsa batho

Phekolo ya bongaka

Hona jwale, phekolo ke tlhokomelo ya ho tshehetsa bakudi ba kulang haholo kapa ba kotsing ya ho haholo. E akarelletsa:

  • Ho fa bakudi ba kulang haholo oksijene le tshehetso ya boemo bo phahameng ya ho ba thusa ho hema, jwalo ka metjhini e thusang ho hema bakeng sa bakudi ba kulang haholo.
  • Dexamethasone ke corticosteroid e sebediswang bakeng sa ho fokotsa nako eo motho a e qetang a le motjhining wa ho hema

Diente

Ho sebedisa diente ke tsela e bolokehileng le e sebetsang bakeng sa ho thibela lefu la COVID-19 le mahareng ho isa ho le mpefetseng ha motho a fumane kokwanahloko ena. Sena se etswa ka ho sebedisa boitshireletso ba tlhaho ba mmele wa hao hore o hahe boitshireletso ba ho lwantsha ditshwaetso tse kgethehileng, ho matlafatsa masole a hao a mmele. Hore o ithute haholwanyane ka hore na diente di sebetsa jwang, bala pampitshana ya rona e buang ka diente mona.

Diente tsa Johnson and Johnson, Pfizer, Sinovac le AstraZeneca di tjhaetswe monwana ke Mokgatlo wa Taolo ya Dihlahiswa Tsa Bophelo bo Botle Afrika Borwa (South African Health Products Regulatory Authority, SAHPRA). Diente tsena kaofela di bolokehile bakeng sa hore di ka sebediswa ebile di sebetsa hantle bakeng sa ho fokotsa kotsi ya bolwetse bo mpefetseng.

Phothale ya mmuso wa Afrika Borwa ya Tlhahisoleseding ka Diente e na le dintlha mabapi le hore ke bo mang ba tshwanelehelang ho fumana ente hona jwale le hore na ba ka ingodisa jwang bakeng sa ho fumana ente.

Hore o ingodise, o hloka:

  • Ho kena inthaneteng
  • Nomoro ya ID kapa nomoro ya Phasepoto
  • Tlhahisoleseding mabapi le mosebetsi wa hao (mohiri wa pele le sebaka sa mosebetsi)
  • Ingodise o sebedisa linki ena: https://bookings.v4hcw.co.za/vax/

O ka boela wa ingodisa ka tlhahisoleseding ena setsing sa ho entwa haeba o sa kgone ho kena inthaneteng.

Ho utlwisisa maqhubu le mefuta e fapaneng

Dikokwanahloko tse ngata, ho akarelletsa le kokwanahloko ya SARS-CoV-2, di a iphetola kapa di a fetoha ka ho fetola sebopeho sa tsona ha nako e ntse e tsamaya ka tsela e etsang hore di kgone ho nama haholwanyane le ho qoba karabelo ya masole a mmele kgahlanong le kokwanahloko ena. Sena se fella ka bolwetse bo mpefetseng. Diphetoho tsena di fella ka mefuta e fapaneng ya kokwanahloko ya SARS-CoV-2 e leng se fellang ka ho eketseha ha lenane la ditshwaetso ka lebaka la mokgwa o motjha oo kokwanahloko ena e seng e le ka ona.

Mohlala wa mofuta ona ke mofuta o atileng haholo Afrika Borwa o neng o baka boholo ba ditshwaetso nakong ya leqhubu la bobedi la sewa, mofuta wa Beta. Mofuta wa Beta o na le dibopeho tse fetang 20 ha o bapiswa le kokwanahloko ya mantlha ya SARS-CoV-2. E nngwe ya diprotheine tsena ke protheine ya spike e thusang kokwanahloko ho kena diseleng tsa hao tsa mmele. Ho mofuta wa Beta, protheine ya spike e fetoha ho dumella kokwanahloko ena ho imatahanya hantle le disele tsa batho.

Mefuta e fapaneng e ka fokotsa tshebetso ya diente, empa ha e etse hore diente di se sebetse.

Related Posts

Tags
  • COVID
    Corona