Bolwetse bo sa Foleng ba Matshwafo

Post cover image

COPD ke bolwetse bo tlwaelehileng ba matshwafo bo thibang tselana ya moya e leng se etsang hore ho be thata ho hema. COPD e tswela pele, ho bolelang hore e ya mpefala ha nako e ntse e tsamaya.

Matshwafong a phetseng hantle, ditselana tse fetisang moya le mekotlana ya moya (moo oksijene e kenang mading le moo carbon dioxide e ntshwang teng) e ya saroloha. Ha o hema o hula moya, mokotla o mong le o mong wa moya o a tlala mme ha o hema o ntsha moya, e ya shoshobana mme moya o wa tswa.

Nakong ya COPD, ho na le moya o fokolang o kenang le o tswang ditselaneng tse fetisang moya ka lebaka la:

  • Mekotlana ya moya ha e sa saroloha
  • Ho senyeha ha mahlakore a mekotlana ya moya
  • Ditselana tse fetisang moya tse sesefetseng le tse ruruhileng
  • Ditselana tse fetisang moya tse thibaneng

Sesosa

COPD e bakwa ke ho hahlamelwa nako e telele ke dintho tse phephetsang matshwafo tse senyang ditselana tse fetisang moya tsa mekotlana ya moya. Sesosa se ka sehloohong ke mosi wa sikarete ho akarelletsa le ho hahlamelwa ke mosi.

Ho hahlamelwa ka nako e telele ke dintho tse e bakeletsang jwalo ka tshilafalo ya moya, mosi wa dikhemikhale kapa lerole ho ka baka COPD.

Bolwetse ba COPD bo nama butle (matshwao a qala hangata ha batho ba le bonyane dilemo di 40) mme matshwao a mpefala ebe a fokotsa mosebetsi oo o ka o etsang wa letsatsi le letsatsi

Dipontsho le matshwao

  • Ho kgohlela ho sa kgaotseng ho hlahisang mamina a mangata
  • Ho hema ka thata, haholo ha o etsa dintho tse sebedisang mmele
  • Ho letsa lesiba (modumo o mosesane ha o hema)
  • Ho tiya sefubeng

Phekolo le thibelo

COPD ha e so be le pheko. Tsela e molemohadi ya ho thibela COPD ke ka ho kgaotsa ho tsuba kapa ho tlohela ho tsuba. Ho boetse ho bohlokwa hore o apare diaparo tse loketseng tsa ho itshireletsa haeba o sebetsa ka dikhemikhale kapa lerole.

Phekolo e akarelletsa dintho tse latelang empa ha se phetho:

  • Diphetoho mokgweng wa bophelo: kgaotsa ho tsuba mme o qobe dintho tse ka etsang hore matshwao a hao a hahlamelwe
  • Meriana e kang di-inhaler bakeng sa ho bula ditselana tse fetisang moya hore o kgone ho hema habonolo
  • Phekolo ya oksijene e fanwang ka ditjhubu tse kenang ka dinkong kapa maske ho eketsa oksijene e tlase mading a hao ha bolwetse ba COPD bo mpefetse
  • Ho tsosolosa matshwafo bakeng sa batho ba nang le bothata ba ho hema bo sa foleng

Bolwetse ba COPD bo ka mpefatsa haholo boleng ba bophelo. Maemong a mang, bakudi ba nang le COPD ba lokela ho dula ba kentswe oksijene. COPD e boetse e eketsa kotsi ya hore o kene sepetlele le ho ba le tshwaetso ya matshwafo.

Related Posts