Tlhekefetso ya Banna le Basadi

Post cover image

Tlhekefetso ya Banna le Basadi ke eng?

Afrika Borwa e na le palo e hodimo ka ho fetisisa ya Tlhekefetso ya Banna le Basadi. Tlhekefetso ya Banna le Basadi e etsahala ha motho kapa sehlopha sa batho se sa tshware hantle motho e mong kapa sehlopha sa batho ka ditsela tse fapaneng. Hangata batho ba hlekefetswang Afrika Borwa ke basadi le bana, le/ho akarelletsa le ditho tsa setjhaba sa LGBTQ+. Tlhekefetso ena e ka nna ya ba ya:

  • Ho hlekefetswa mmeleng
  • Ho hlekefetswa ka thobalano
  • Ho hlekefetswa maikutlong le kelellong
  • Ditjhelete- ka ho hana ka tjhelete le ho e laola
  • ho qhekella
  • ho tshosa

Bothata ba setjhaba

Tlhekefetso ya Banna le Basadi ke karolo e hlabisang dihlong setjhabeng sa rona sa Afrika Borwa. Maemong a mangata, banna ke bona ba hlekefetsang. Ka hona, banna ba na le karolo e kgolo eo ba lokelang ho e bapala bakeng sa ho thibela Tlhekefetso. Ke boikarabelo ba bona ho lwantsha diketso tse mabifi tsa banna le ho emela mahlatsipa a Tlhekefetso ya Banna le Basadi ebile ke mosebetsi wa bona ho thibela banna ba bang ho etsa tlolo ena ya molao. Kaofela ha rona re lokela ho lwanela ho ba mehlala ho bana e le hore ba ithute makgabane a ho hlompha le ho hlomphana.

Seo o ka se etsang

Haeba o sa thaba dikamanong tsa hao mme o utlwa eka molekane wa hao wa o hlekefetsa, o ka bua le ngaka neng kapa neng ka sena hore o fumane thuso. Haeba molekane wa hao a sa o dumelle hore o ye ngakeng o le mong, ho na le ditsela tseo ka tsona ngaka e ka kopang hore molekane wa hao a tsamaye e le hore o kgone ho bua le ngaka o le mong. Kahoo ngaka e ka o thusa kapa ya o bolella ka motho e mong eo o ka yang ho yena ya ka o thusang.

Sheba websaete ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ya tlhekefetso ya banna le basadi bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng: gbv.org.co.za

Motho eo o ka ikopanyang le yena

Sebedisa leqephe la mehlodi e eketsehileng ho fumana dinomoro le dilinki tse latelang.

Ke tsena dibaka tse ding tseo o ka di letsetsang hore o fumane thuso:

  • Mohala wa Setjhaba wa Tlokotsi (National Crisis Helpline, Lifeline) 0861322322
  • Imeile ya Tlhabollo ya Lifeline: lifelinecounselling@gmail.com
  • Mohala wa ho Thibela Tlhekefetso ya Banna le Basadi: 0800150150
  • Mokgatlo wa People Opposed to Woman Abuse: 0116424345
  • Family and Marriage Society of South Africa: 0124600733
  • Mokgatlo wa Naha wa Tlhekefetso Kgahlanong le Basadi 0123214959

Related Posts

Tags
  • GBV