Bothata ba Peto

Post cover image

Tsamaiso ya rona ya molao e hlalosa peto e le: "Motho e mong le e mong ya etsang ketso eseng molaong le ka boomo ya ho etsa thobalano le motho ya tletlebang, ntle ho tumello ya motho ya tletlebang, o molato wa ho tlola molao wa peto."

Peto ke ketso e mabifi eo ho yona motho a etsang thobalano ho hlekefetsa le ho utlwisa motho e mong bohloko.

O ka etsang haeba motho e mong a o betile?

Ho molemo ho potlakela ho ya sepetlele kapa seteisheneng sa maponesa. Leha ho le jwalo, Peto ke tlolo ya molao e mabifi e ka bang le diphello tse mpe mmeleng le kelollong mme batho ba tletlebang ba lokela ho mamellwa haholo le ho tshehetswa.

Mehato e latelang e nkilwe mokgatlong wa Cape Town Rape Crisis:

  1. E ya sebakeng se sireletsehileng
  2. Bolella motho wa pele eo o mo bonang le ho mo tshepa ka se etsahetseng
  3. E ya sepetlele kapa ngakeng hanghang hore o fumane thuso ya bongaka
  4. O lokela ho ya ngakeng ka mora dihora tse 72 haeba o pepesehetse HIV
  5. O ntse o ka fumana phekolo ya moriana esita leha o etsa qeto ya ho se qose motho
  6. Kopa thibela pelehi ya tshohanyetso ho thibela ho ima
  7. Haeba o ima ka lebaka la ho betwa, o ka kgetha ho ntsha mpa ka mokgwa o sireletsehileng
  8. Kopa lengolo la ngaka haeba o hloka nako ya ho hlaphohelwa
  9. Tlaleha sena maponeseng

Sepetlele

E ya setsing sa tlhokomelo ya bophelo bo botle se haufi le wena mme o bolele hore o betilwe. Setsebi sa tlhokomelo ya bophelo bo botle se tla kopa tumello ya hore se etse tlhahlobo ya HIV. Haeba o se na tshwaetso ya HIV, o tla fuwa phekolo e thibelang dikokwanahloko (ART) e bitswang Post-exposure prophylaxis (PEP) ho thibela hore o se tshwaetswe ke kokwanahloko. Ena ke phekolo ya matsatsi a 28, mme ho bohlokwa ho e qeta ho sa tsotellehe ditlamorao tse sa thabiseng tse ka hlahang. Phekolo ya PEP e sebetsa hantle ka ho fetisisa nakong ya dihora tse 72 (matsatsi a 3) ka mora ho pepesehela lero la mmele.

PEP e boetse e na le thibela pelehi ya tshohanyetso (morning-after pill) le dithibelamafu ho thibela boimana le mafu a tshwaetsanwang ka thobalano (STI). Haeba o ikutlwa o hloka botsitso, o tswa lero le itseng kapa ho hlohlona ka mora ho bona ngaka, kgutlela setsing sa tlhokomelo ya bophelo bo botle bakeng sa ho phekola mafu a tshwaetsanwang ka thobalano.

O lokela ho kgutlela ho ya etsa tlhahlobo ya HIV hape ka mora dikgwedi tse tharo ho tloha tlhahlobong ya pele bakeng sa ho netefatsa hore ha o na kokwanahloko.

Setsebi sa bongaka sa forensiki se tla boela se etse tlhahlobo ya forensiki bakeng sa ho bokella bopaki bo kang ba madi, peo ya botona le moriri o setseng mmeleng wa hao haeba hamorao o ka etsa qeto ya ho qosa motho eo.

Haeba o batla ho tlaleha se o etsahelletseng o le sepetlele, maponesa a ka bitsetswa sepetlele mme a nke seteitemente moo. Haeba o ile seteisheneng sa maponesa pele, ba ka boela ba o isa sepetlele.

Ho sebetsana le maponesa

Ha ho mohla ho leng morao haholo hore o tlalehe peto. Seteisheneng sa maponesa se haufi:

  • O ka kopa ho bonwa ka kamoreng ya lekunutu
  • Seteitemente se se kgutshwanyane se lokela ho nkuwa le ho fetolelwa puong ya hao
  • Jwale o tla kopuwa hore o fane ka tlaleho e feletseng e hlalosang diketsahalo. Haena o sa kgone ho fana ka dintlha tse feletseng, ofisiri e fuputsang e tla hlophisa hore le kopane letsatsing le latelang kapa pele ho feta dihora tse 36

O na le tokelo ya ho kopa leponesa la mosadi, ebile o na le tokelo ya ho tshwarwa ka tlhompho le ka seriti, mme o lokela ho tletleba haeba sena se sa etsahale.

Ho etsahalang haeba o ima ka lebaka la ho betwa?

O ka kgetha ho ntsha mpa setsing sa tlhokomelo ya bophelo bo botle ho fihlela:

  • dibekeng tse 12 ditleleniking tsa sebakeng sa heno
  • dibekeng tse 20 dipetlele le ditleleniking tsa poraefete

Ditokelo tsa hao jwalo ka lehlatsipa

Cape Town Rape Crisis e na le letsholo la #KnowYourRights le reretsweng ho phahamisa tlhokomediso ka ditokelo le ditshebeletso tsa bophelo bo botle tseo mahlatsipa a peto a nang le tokelo ya ho di fumana. Le hatisa:



  • tokelo ya ho fumana mahala kalafo, tlhabollo le thuso ya molao
  • Ditsi tsa Thuthuzela Care Centres tse kgethehileng tse fanang ka dintha tse bolelweng ka hodimo ho mahlatsipa a peto. Ditsi tsa Thuthuzela Care Centres di fumaneha dipetleleng tse 54 ka hara Afrika Borwa
  • Tokelo ya meriana e thibelang HIV, PEP, pele ho feta dihora tse 72 o betilwe
  • Tokelo ya thibelo pelehi ya tshohanyetso
  • Ditshebeletso tsa tlhabollo le bophelo bo botle ba kelello

Mehlodi ya boitsebiso

Bala haholwanyane ka tlhahisoleseding le ho fumana mehlodi ya boitsebiso e buang ka peto le moo o ka fumanang tshehetso (ho akarelletsa le ho fumana ofisi e haufi le wena) ho webosaete ya Rape Crisis: www.rapecrisis.org.za

Nomoro ya mohala ya thuso ya dihora tse 24 ya Rape Crisis: 021 447 9762

Haeba o sa kgone ho bua le mang kapa mang, ikopanye le batho ba tshehetso ba bothata ba peto ho WhatsApp: 083 222 5164 kapa o letsetse

Hore o tsebe haholwanyane ka Thuthuzela Care Centres le ditshebeletso tseo ba fanang ka tsona, kena websaeteng e latelang: https://www.gov.za/TCC#

Related Posts

Tags
  • GBV