Sethwathwa

Post cover image

Sethwathwa ke lefu la methapo ya kutlo le kgethollehang ka ho idibana. Hangata se fumanwa kamora hore motho a idibane bonyane ka makgetlo a mabedi a sa amaneng le boemo bo bong bo tsebahalang ba bophelo bo botle, ka nako ya dihora tse 24 dipakeng. Ho idibana ho fapana ho ya ka mofuta, ho mpefala le ho laoleha ho motho ka mong.

Lefu la sethwathwa le ka ama motho wa dilemo leha e le dife, empa hangata pele ho dilemo tse 20. Ha se tshwaetsane mme ke bokudi bo tshwanang le asma le lefu la tswekere.

Disosa tsa sethwathwa

Batho ba bangata ha ba tsebe hore na sethwathwa se bakwa ke eng. Ka dinako tse ding, se ka amahanngwa le:

  • ho lemala hloohong
  • tshwaetso ya boko
  • dikotsi tse bakwang ke disosa tse fapaneng bokong
  • nalane ya lelapa ya sethwathwa

Ke eng e etsang hore motho a be le sethwathwa?

Batho ba bang ba fumana hore maemo a itseng a ka ama ho idibana ha bona. Mehlala e meng ya disosa tsena ke:

  • ho se be le meriana e lwantshang sethwathwa kapa e emisitswe
  • ho se robale ka ho lekaneng
  • ho imelwa kelellong
  • malwetse a mang
  • mabone a phatsimang
  • dinako tsa ho ya matsatsing kapa diphetoho tse ding tsa dihomoune
  • ho nwa jwala kapa ho sebedisa dithethefatsi

Mefuta ya ho idibana

Ho na le mefuta e mengata ya ho idibana e nang le mabitso a fapaneng. Ka tlase mona ke mefuta e tlwaelehileng ya ho idibana le kamoo e kgethollehang kateng:

Generalized Onset - Tonic-Clonic (Grand Mal)

Ho thothomela, ho satalla ha mesifa, ho finana; hangata ho nka motsotso ho isa ho 3 ebe e latelwa ke nako ya pherekano.

Generalized Onset - Absence (Petit Mal)

Ho shebella ka ho se natse ho nkang metsotswana e seng mekae; ka dinako tse ding ka ho panya kapa ho hlafuna. Haeba ngwana wa hao a sa kgone ho tsepamisa mohopolo ha a le ka tlelaseng kapa ha o bua le yena, ho ka nna ha etsahala hore ebe o na le mofuta ona wa ho sethwathwa.

Focal Onset - Ho se Hlokomele Hantle se Etsahalang (Complex Partial) – Ponahalo ya ho sheba le ho tsieleha. Motho ha a tsebe se etsahalang kapa a ke ke a hopola. Motho a ka nna a etsa metsamao e sa tlwaelehang e iphetaphetang mme a ka nna a se ke a bua ka tsela e tlwaelehileng. Hangata sena se nka motsotso kapa e 2 mme ho ka nna ha latela pherekano.

Focal Onset - Ho Hlokomela (Simple Partial)

Ho finahala setho kapa ditho tse mmalwa tsa mmele kapa ho fetoha ha kutlo kapa kutlwisiso ho ka nnang ha bonahala kapa ha se bonahale bathong. Motho o hlokomela se etsahalang nakong ena eo a idibanang.

Atonic (Drop Attacks)

Ho wa ka tshohanyetso le ho hlaphohelwa kamora motsotso.

Myoclonic (Ho sotheha ha mesifa)

Ho thothomela ka tshohanyetso, ka nakwana, karolo ya mmele kapa mmele wohle.

Seo o lokelang ho se etsa ka disosa tsena

Haeba o kgona, tseba disosa tse amanang le wena kapa motho e mong ya nang le bothata ba sethwathwa. O ka:

  • bolella ngaka ya hao seo o se hlokometseng
  • tswela pele ho nwa meriana eo o e filweng ke ngaka
  • fokotsa jwala boo o bo nwang
  • robala ka nako kamehla
  • nwa metsi a mangata mme o dule o na le metsi mmeleng
  • ja dijo tse nang le phepo e nepahetseng
  • sebedisa mekgwa e nepahetseng ya ho laola ho imelwa kelellong
  • boloka tlaleho ya ho hlaselwa ke sethwathwa: se etsahetse neng, se nkile nako e kae le hore na se o hlasela ka makgetlo a makae ka selemo, hore o bone kgatelopele ya hao.

Tsela ya ho thusa motho ya nang le sethwathwa

Kamoo ho idibana ho phekolwang kateng

Sethwathwa se phekolwa ka meriana le mekgwa e meng ya phekolo e reretsweng ho thibela ho idibana. Tsona di fanwa ke mofani wa tlhokomelo ya bophelo bo botle ya nang le laesense, tleleniking e haufi le wena kapa sepetlele.

Related Posts

Tags
  • Epilepsy