Mollo

Post cover image

Dikotsi tsa Mollo

Mollo o kotsi haholo ha o sa laolwe. O ka nama habonolo, haholoholo ha ho na le moya, ho omme ebile ho tjhesa. Mollo o sa laoleheng o ka kekela ntlong e nngwe ho ya ho e nngwe, haholoholo ha matlo a batho a atamelane. Mollo o ka qala ka pharafine, motlakase le kgase.

Ho Thibela mollo lapeng

  • O se ke wa imetsa dipolaka tsa motlakase haholo.
  • O se ke wa siya dipitsa setofong di sa hlokomelwa ha o pheha.
  • Haeba o sebedisa dikerese, etsa bonnete ba hore di ke ke tsa ketowa habonolo. Tsela e nngwe ya ho etsa sena ke ho tlatsa nkgo ka lehlabathe mme o kenye kerese ka ho yona.
  • Etsa bonnete ba hore dikerese tsohle, ditofo di tinngwe ha o ilo robala.
  • Ruta bana ba hao ho ba hlokolosi haholo ha ba le haufi le mollo le dintho tse ka bakang mollo.
  • Boloka dithutswana tsa mollo le dintho tse laetang hole le bana.
  • Etsa bonnete ba hore setofo se ke ke sa wela.
  • O se ke wa siya bana ba le bang ha ho na le kerese kapa setofo se tukang ka tlung. Diketlele le tsona di kotsi. Bana ba bangata ba hula dikgwele tsa ketlele e leng se ka etsang hore ketlele e tshele ngwana ka metsi a tjhesang a mo tjhese.

Dikotsi tsa Mollo

Haeba ho na le kganare e kgolo ya mollo o namang, ikopanye le lefapha la ditimamollo ka ho letsetsa 10177

Haeba motho e mong a tjhele, beha karolo e tjheleng ya mmele tlasa metsi a pompo a phallang mme o bitse ambulense haeba motho a tjhele hampe dikarolong tse kgolo. O se ke wa beha batha kapa oli sebakeng se tjheleng.

Haeba ho qhoma mollo lepaneng le phehang, o se ke wa o tima ka metsi. Tima motjheso wa setofo kapa o kwahele lepane leo. O ka tima mollo ka ho lahlela mobu kapa lehlabathe.

Related Posts

Tags
  • Fire