Osteoarthritis

Post cover image

Osteoarthritis ke eng?

Ramatike ke ho ruruha ha lenonyeletso ho bakang ho topa le ho fokotseha ha lenonyeletso le amehileng. Ramatike e ka bakwa ke dintho tse ngata tse fapaneng, tse bakang ho ruruha ha lenonyeletso ka ditsela tse fapaneng. Sesosa se atileng haholo hara baahi ba Afrika Borwa ke Osteoarthritis.

Osteoarthritis e bakwa ke eng?

Bakeng sa batho ba bangata, lefu la masapo la Osteoarthritis le bakwa ke ho tsofala ka lebaka la ho “senyeha” ha manonyeletso ka nako e telele. Ka mantswe a mang, manonyeletso a hao a a senyeha ha nako e ntse e tsamaya, ke ka lebaka leo osteoarthritis e tsejwang hape e le lefu le senyang manonyeletso.

Ha motho a tshwerwe ke lefu lena la manonyeletso la osteoarthritis, sebaka sa pele se senyehang ke ha hara lefufuru la manonyeletso. Lefufuru la manonyeletso ke mofuta wa disele tse kwahelang dintlha tse qetellang tsa masapo le ho dumella masapo hore a thelle ka tsela e boreledi ha a thetsana. Ho senyeha ha karolo ena (haeba e le Osteoarthritis) ho etsa hore ho be thata hore masapo a tsamaye mme ha nako e ntse e tsamaya ho ka nna ha fella ka ho holofala mmeleng le ho utlwa bohloko.Hangata, lefu lena la masapo la osteoarthritis le itlhahis butle butle ka dilemo tse ngata mme le ka qala feela ka lenonyello le le leng.

Manonyeletso a amehang haholo a akarelletsa:

-Manonyeletso a matsoho

-Mangwele

-Diqholo

-Lesapo la mokokotlo

* Hangata banna ba tshwarwa ke lefu lena diqholong ha ho basadi teng le atisa ho ba ama matsohong le mangweleng.



Disosa tsa kotsi



  • Ho tsofala - hangata lefu lena le qala ha bakudi ba le dilemo di 50 le 60.
  • Ho ba motenya
  • Bong - Basadi ba ameha haholo ho feta banna, haholoholo kamora dilemo tsa ho kgaotsa ho ya matsatsing.
  • Diphatsa tsa lefutso
  • Ho senyeha ha lenonyello nakong e fetileng.
  • Mosebetsi- Basebetsi ba merafong le dihwai ba kotsing haholo Afrika Borwa.

Matshwao



  • Bohloko ba lenonyello bo bakwang ke ho tsamaya kapa ho jara ha boima. Hangata bo hlaloswa e le bohloko bo tebileng bo opang.
  • Ho satalla ha lenonyello ho nkang metsotso e 30 dinakong tsa hoseng. Ho ka nna ha ba le tshitiso ya hore motho a tsamaye ka tsela e tlwaelehileng.
  • Ho hohlana ha manonyeletso. Bona ke boikutlo bo kang ba ho hohlana ha o tsamaisa lenonyello le amehileng.
  • Ho ruruha ha masapo a manonyeletso a amehileng.

* Matshwao a hlaha butlebutle empa a ntse a eketseha.

Tlhahlobo

Hangata lefu la masapo la Osteoarthritis le hlahlojwa ke dingaka ka ho lemoha mokgwa o itseng wa sebopeho se sa tlwaelehang sa masapo le matshwao. X-Ray e ka nna ya thusa ka ho hlahloba.

Phekolo

Ha ho na mokgwa o tsejwang wa ho thibela osteoarthritis mme ho phekolwa ha lefu lena ho itshetlehile ka ho phekola matshwao le ho fokotsa ho holofala.

Mokgwa wa bophelo:

  1. Ho theola boima ba mmele
  2. Boikwetliso
  3. Phekolo ya metsi (Hydrotherapy)
  4. Mekotlana ya leqhwa kapa motjheso
  5. Ho sidila
  6. dintho tse kengwang ka hara sole bakeng sa maoto a bataletseng, thupa ya ho tsamaya

Moriana:

  1. Meriana ya bohloko e jwalo ka paracetamol
  2. Ho kenngwa moriana o fokotsang ho ruruha ka hara manonyeletso a amehileng (diente tsa Corticosteroid) ho fana ka ntlafatso ya nakwana

Ho buuwa:

  1. Ha motho a tshwerwe ke osteoarthritis, a ka nna a hloka ho kenyetswa qholo kapa lengwele.

Related Posts

Tags
  • Osteoarthritis