Lekgwekgwe

Post cover image

Lekgwekgwe le tshwara bana ba bangata le batjha. Ke boemo ba letlalo bo ka bang le tshusumetso e kgolo boleng ba bophelo ba motho. Le ka nna la hlohlona haholo mme sena se ka ama ho ithuta ha motho, ho robala le boitshwaro ba hae. Ka dinako tse ding le ka boela la baka tshwaetso. Ho na le mefuta e mengata ya lekgwekgwe, empa bakeng sa morero wa bukana ena, re tla bua ka le sa foleng le bitswang “Atopic Dermatitis”.

Lekgwekgwe ke eng?

Ke habohlokwa ho utlwisisa hore na lekgwekgwe ke eng, kaha jwale o tla kgona ho utlwisisa phekolo haholwanyane. Letlalong le phetseng hantle, ho na le lera le letle la disele tsa letlalo le ntshang oli ya mofuta o itseng. Motho a ka bapisa sena le lerako la ditene, moo ditene e leng disele mme samente e le oli. Oli ena kapa samente ena e thusa letlalo hore le dule le le mongobo mme le se ke la lahlehelwa ke metsi le ho petsoha.

Ha motho a na le lekgwekgwe, ha a na samente ena kahoo letlalo le a omella le ho petsoha, e leng se dumellang dintho tse bakeletsang boemo ho kena letlalong. Tsela e nngwe e netefatsang sena ke hore re a tseba hore motho ya nang le lekgwekgwe ha a na lona hodima nko ya hae, kaha nko e na le ditshwelesa tse eketsehileng tsa oli tse thusang ho boloka lera la letlalo le sireletsehile.

Sesosa sa ho haella ha samente ena kapa oli ena letlalong se rarahane haholo, empa re a tseba hore se ka amahanngwa le dialeji hammoho le asma.

Ho bohlokwa ho tseba hore "lekgwekgwe ha se makgopho a hlohlonang, empa ke ho hlohlona ho bakang makgopho". Seo sena se se bolelang ke hore lekgwekgwe le teng pele ho hlaha lekgopho leo motho a le bonang mme le tswelapele le kamora hore le lekgopho le tlohe.

Batho ba nang le lekgwekgwe hangata ba qala ka letlalo le omeletseng empa le shebahala ka tsela e tlwaelehileng, mme le tswelepele ka ho hlahisa lekgopho leo motho a le bonang, kaha ho omella le ho petsoha ha letlalo ho etsa hore dintho tse bakeletsang boemo di kene letlalong, e leng se bakang lekgopho.

Phekolo

Ho na le dikarolo tse ngata tsa phekolo tse tla thathamiswa ka tlase mona.

Diphetoho tsa letsatsi le letsatsi tsa bohlweki

Batho ba nang le lekgwekgwe ba lokela ho latela keletso e latelang letsatsi le letsatsi e buang ka bohlweki ba letlalo

  • Qoba dintho tseo o nang le aleji ya tsona
  • Ha o hlapa, o se ke wa sebedisa sesepa. Ho fapana le hoo, tlotsa letlalo ka setlolo se metsi ebe wa le hlatswa.Disepa di omisa letlalo la hao kahoo di ka mpefatsa lekgwekgwe la hao.
  • Qoba dintho tse ka bakeletsang letlalo la hao, jwalo ka diaparo tse hlohlontshang letlalo, manala a bohale le ho apara diaparo tse futhumatsang haholo.

Setlolo se thapisang

Ena ke e nngwe ya dikarolo tsa bohlokwahadi tsa ho phekola lekgwekgwe. Setlolo se thapisang ke setlolo se nang le oli ho sona. Ngaka ya hao e ka o bolella hore na ke sefe se loketseng wena kapa ngwana wa hao. Ka ho sebedisa setlolo sena, o kenya oli eo letlalo la hao le senang yona, e thusang ho thibela le ho phekola makgopho a lekgwekgwe. Ke habohlokwa haholo ho hopola ho tswela pele o sebedisa setlolo sena, esita leha ho se na lekgopho. Haeba motho a kgaotsa ho sebedisa setlolo sena, mohlomong lekgopho le tla hlaha hape. Ntho ya bohlokwa ke hore, setlolo sena ha se a lokela ho ba le monko o nkgang hamonate, se be mmala kapa dintho tse se bolokang.

Di-bandage tse mongobo

Ka dinako tse ding lekgwekgwe le ka etsa hore letlalo le tjhese le be le hlohlone. E le ho o thusa ho etsa sena, o ka itlamisa ka bandage e mongobo hodima karolo ya letlalo e amehileng. Ho itlamisa letlalo ka bandage e mongobo, latela mehato ena:

  • Sebedisa setlolo seo o se sebedisang hona jwale (setlolo se thapisang kapa setlolo sa steroid)
  • Itlamise ka lesela le metsi kapa seaparo (le kenye ka metsing a futhumetseng ebe wa le fophisa ) sebakeng se amehileng
  • Thatela lesela kapa seaparo se seng se ommeng hodima lesela/seaparo le metsi mme o le tiise hore le se tlamolohe habonolo

Sena se thusa ho phodisa sebaka se amehileng le ho thusa ho emisa ho hlohlona. Sena se thusa haholo!

Setlolo sa steroid

Ngaka ya hao e ka nna ya batla hore o sebedise setlolo se nang le steroid haeba ho na le lekgopho sa lekgwekgwe. Ha o sebedisa setlolo sena, ho bohlokwa hore o se ke wa sebedisa se sengata haholo, kapa se senyane haholo. Ngaka ya hao e tla o bolella hore na o tlotse se sekae. Setlolo sena se sebediswa feela ha ho na le lekgopho. Ha o tlotsa lekgopho ka setlolo sa steroid, o tlotse o leba lehlakoreng leo moriri o meletseng ka ho lona letlalong la hao, eseng kgahlanong le moriri. Ditlolo tsa steroid di fokotsa ho ruruha ha letlalo, empa ha ho molemo ho di sebedisa kamora hore lekgopho le fole.

Related Posts

Tags
  • Eczema