Asma

Post cover image

Asma ke bolwetse bo sa foleng bo amang ditsela tsa moya tsa matshwafo tse bitswang ditselana tse fetisang moya (airways). Ha motho a na le asma ditselana tsena tse fetisang moya di a ruruha le sesefala ka dinako tse ding.

Asma e ama batho ba dilemo tsohle mme hangata e qala bongwaneng. E bakwa ke dintho tse ngata (mohl., tshilafalo ya moya) tse tla hlalosa ka tlase. Dintho tsena di ka etsa hore matshwao a asma a qale kapa a mpefale, mme ha matshwao a asma a mpefala, ho thwe ke tlhaselo ya asma.

Hang ha motho a tshwerwe ke asma, ho bohlokwa hore a be le moralo wa ho sebetsana le asma ya hae. Moralo wa ho nka kgato ke moralo oo o o etsang le ngaka ya hao wa hore na o lokela ho etsang haeba wena kapa ngwana wa hao a hlaselwa ke asma. Ho ona, o hlalose mehato eo o tla e nka hore o laole tllhaselo eo Sene se o thusa hore o be le moralo o hlakileng wa seo o lokelang ho se etsa.

Disosa

Asma e bakwa ke karabelo e matla ya boitshireletso ba mmele nthong bitswang allergen, matshwafong. Batho ba bang ba ka nna ba se etsahallwe ke letho leha ba jele allergen e tshwanang.

Tshebetso ena e matla ya masole a mmele e etsa hore ditselana tse fetisang moya di ruruhe, di sesefale mme di ntshe mamina a mangata. Sena se etsa hore ho be thata ho hema. Mesifa e bopang ditselana tsa ho hema le yona e ya sesefala, e leng se etsang hore ho be thata le ho feta ho hema nakong ya tlhaselo ya asma.

Dintho tse hlohlelletsang asma

Ho pepesehela dintho tse hlohlelletsang asma ho eketsa menyetla ya ho hlaselwa ke asma. Dintho tse ngata tse hlohlolletsang boemo bona di fapana ho ya ka mokudi ka mong:

  • Tshwaetso ya matshwafo
  • Dintho tse bakang aleji: jwang, difate, mofoka, ditshitshidi tsa lerole, letlalo la diphoofolo, maphele, dikokwanahloko tsa fungal
  • Tikoloho: moya o batang, mohudi, mosi wa kwae, mosi wa patsi
  • Maikutlo: ho tshwenyeha, ho imelwa kelellong
  • Ho ikwetlisa, haholoholo dibakeng tse batang tse omeletseng
  • Meriana e itseng e jwalo ka aspirin
  • Mosebetsi: lerole la phofo, hlobo ya furu, dinoko, dae, dipolasetiki, rabara

Ho bohlokwa hore o tsebe dintho tse kgethehileng tse o bakeletsang hore o di qobe.

Dipontsho le matshwao

Batho ba ba le dipontsho le matshwao ho itshetlehile ka hore na asma ya bona e mpefetse hakae. Ha asma e laolwa hantle, motho o ba le matshwao a fokolang.

Dipontsho le matshwao a asma a akarelletsa

  • Ho tiya sefubeng
  • Ho kgohlela
  • Ho hema ka thata
  • Ho letsa molodi ha o hema

Hangata asma e na le matshwao a latelang:

  • Ho hlaha matshwao a be a fele ka letsatsi le le leng
  • A mpefala ha motho a tshwaeditswe ke dikokwanahloko tsa sefuba
  • A ba mabe bosiu kapa hoseng

Thibelo le phekolo

Ho kgothalletswa hore ho qojwe dintho tse itseng tse ka bakang kapa tsa bakeletsa lefu la asma. Ho phaella moo, ho thibela ho hahlamelwa ke moya wa sikarete nakong eo o leng moimana kapa dilemong tsa pele tsa ngwana ho fokotsa kotsi ya hore ngwana a be le asma a sa le monyenyane.

Hangata asma e phekolwa ka difuthi (inhalers). Tsona di arotswe ka tse laolang le tse kokobetsang.

Tse laolang di fanwa bakeng sa ho sebediswa nako e telele ho thibela matshwao ka ho fokotsa ho ruruha ha tselana ya ho hema le ho sesefala

Moriana o kokobetsang o fanwa bakeng sa ho kokobetsa matshwao nakong ya tlhaselo ya asma.

Tse laolang le tse kokobetsang (dipompo tsa asma) di na le moriana o fokotsang karabelo ya masole a mmele, ho fokotsa ho ruruha.

Tsela e nepahetseng ya ho sebedisa inhaler

Ho bohlokwa ho tseba tsela e nepahetseng ya ho sebedisa moriana wa inhaler bakeng sa ho laola le ho kokobetsa matshwao a asma. Mehato e latelang e netefatsa hore ho sebediswa mekgwa e nepahetseng ya inhaler:



  1. Tlosa sekwahelo mme o tsukutle inhaler ka matla
  2. Hema butle le ka ho feletseng
  3. Tshwara inhaler ka tsela e otlolohileng
  4. Kenya karolo e kenang ka hanong ka molomong o e mome
  5. Hatella botlolo e kentsweng hanngwe mme ka nako e tshwanang o qale ho hula moya haholo butle
  6. Ntsha inhaler ka hanong
  7. Tshwara moya metsotswana e ka bang 10-15
  8. Ema metsotswana e 20-30 pele o hula hape
  9. Itsukunye ka metsi ha o qeta ho e sebedisa. Tshwela, o se ke wa kwenya.

Malebela a bohlokwa ao o lokelang ho a hopola:

  • Kamehla hlahloba hore na moriana wa hao ha o a fellwa ke nako
  • Hlahloba hore na botlolo e na le letho

Related Posts

Tags
  • asma