Lefu la Matshwafo

Post cover image

TB ke eng?

TB e emetse Tuberculosis (Lefuba) . E bakwa ke baktheria e bitswang Mycobacterium tuberculosis. Ke baktheria e ka bakang tshwaetso e kotsi, e amang haholo matshwafo. Lentswe pulmonary le bolela ntho e amanang le matshwafo. TB e ka boela ya tshwaetsa boko, lesapo la mokokotlo le mala le pelohanyane. Ke baktheria e manganga hore o ka e bolaya mme ke ka lebaka leo o lokelang ho nwa moriana ho e lwantsha ka nako e telele.

Disosa tsa Kotsi

Masole a hao a mmele a o thusa ho lwantsha tshwaetso mme haeba masole a hao a mmele a fokola, o ka tshwarwa ke TB. Sesosa se tlwaelehileng se fokodisang masole a mmele Afrika Borwa ke HIV e sa phekolwang. Dintho tse ding tse fokodisang masole a mmele ke tse latelang, le hoja di sa fella:

  • Ho sebedisa dithethefatsi hampe
  • Lefu la tswekere
  • Lefu le mpefetseng la diphio
  • Kankere
  • Disosa tse ding tsa bohlokwa ke:
  • batho ba haufi le motho ya nang le tshwaetso ya lefu la TB
  • Ho phela dibakeng tsa lefatshe tse nang le sekgahla se phahameng sa TB jwalo ka Kapa Bophirimela
  • Bana ba dilemo tse ka tlase ho tse 5
  • Batho ba sebetsang kapa ba phelang le batho ba kotsing ya ho tshwarwa ke TB jwalo ka dipetlele kapa diteronkong.
  • TB e fetela ho motho e mong ka moya, haholoholo phaposing e kwetsweng, ka hara tekesi kapa bese eo ho sa keneng moya o hlwekileng.

Matshwao

TB e matshwafong e baka ho kgohlela ha nako e telele ho bitswang ho kgohlela ho sa foleng. E ka boela ya etsa hore o fufulelwe bosiu le ho theoha mmeleng ka dikgwedi tse mmalwa.

matshwao a mang a TB:

  • bohloko sefubeng
  • ho fokodiswa ke mokgathala
  • ho se be le takatso ya dijo
  • ho hatsela

Phekolo

Ho na le meriana e fapaneng eo bafani ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ba ka o fang yona ho phekola TB, e bitswang meriana e lwantshang lefuba (antituberculosis). Sepheo sa meriana e lwantshang lefuba ke ho ntlafatsa boleng ba bophelo ka ho fokotsa matshwao le ho thibela baktheria ho ikatisa.

Kalafo e tlwaelehileng ya lefu la matshwafo ke dipidisi tse 4 tse entsweng hore ebe pidisi e 1 e bitswang motswako wa tekanyetso e sa fetoheng (fixed dose combination). Moriana ona o nowa letsatsi le letsatsi ka dikgwedi tse 6 ho fedisa tshwaetso. Sa bohlokwahadi, moriana ona o fanwa le meriana e meng e thibelang ditlamorao tsa motswako wa tekanyetso e sa fetoheng. Ke habohlokwa ho tlaleha ditlamorao leha e le dife tse mpefetseng setsing sa hao sa tlhokomelo ya bophelo bo botle.

Ho ka etsahalang haeba e sa phekolwe?

TB e ka namela sethong se seng sa mmele wa hao ho tswa ho se seng. Ntle le matshwafo, hangata TB e namela bokong ebe e baka menenjaithisi ya TB.

TB e sa phekolwang kapa e sa phekolwang hantle e ka fella ka mefuta e fapaneng ya ho hlola moriana. TB e hlolang moriana e phekolwa ka meriana e eketsehileng ka nako e telele, ho qala dikgweding tse 9.

Thibelo le Phekolo

Haeba o na le TB matshwafong a hao, o ka e jala moyeng ha o kgohlela mme motho e mong a hahlamelwa ke yona ebe o tshwarwa TB. Ke ka lebaka leo ho leng molemo ho bula difensetere tsa tekesi, bese kapa tsa ntlo ho etsa bonnete ba hore ha o hahlamelwe ke TB kapa ha o e jale. Haeba o kgohlela, etsa bonnete ba hore o kwahela molomo wa hao ka sephaka ho netefatsa hore ha o kgohlelle moyeng.

Ho Lwantsha Dithibelamafu

Ditshwaetso tsa baktheria di phekolwa ka dithibelamafu. Leha ho le jwalo, baktheria e ka ithuta ho hlola dithibelamafu. Dibaktheria di ithuta mokgwa wa ho baleha dithibelamafu haeba motho a fuwe dithibelamafu tse fosahetseng, haeba motho a lebala ho di nwa, haeba motho a kgaotsa ho nwa dithibelamafu pele ho nako kapa a nwa tekanyetso e fosahetseng. Haeba baktheria e ithuta ho baleha kapa ho hlola dithibelamafu, dithibelamafu tseo di ke ke tsa sebediswa ho phekola tshwaetso eo. Ka maswabi, ha ho na dithibelamafu tse ngata tse ka sebediswang ka lebaka la seo. Ka dinako tse ding, dithibelamafu tse setseng feela di ka ba le ditlamorao tse mpe.

TB ke baktheria e manganga haholo, ke ka lebaka leo dingaka di fanang ka dithibelamafu tse 3. Ka ho fana ka dithibelamafu tse 3 tse lwantshang TB, e tla lokela ho ithuta ho hlola meriana e 3 ka nako e le nngwe, e leng ntho e ke keng ya etsahala.

Ka mabaka ana, ke habohlokwa haholo hore ha o ntse o nwa moriana wa TB:

  • o se ke wa lebala ho nwa moriana wa hao
  • o se ke wa kgaotsa ho nwa moriana pele ho nako
  • o lokela ho nwa tekanyetso e nepahetseng
  • o lokela ho kgutlela ngakeng haeba o sa be betere

Related Posts

Tags
  • TB