HIV le Bana

Post cover image

Bana ba nang le HIV ba ka phela bophelo bo thabisang le bo tlwaelehileng e leng bo ka etsang hore ebe batho ba molemo, empa haeba feela ba fumana tshehetso malapeng ebile ba fumana moriana wa bona.

Bana ba tshwaetswa ke HIV jwang?

Hangata masea a holang ka popelong ya mme ya nang le HIV ha ba tshwaetswe ke HIV nakong ya boimana. Leha ho le jwalo, ba ka fumana HIV nakong ya pelehi kapa nakong eo ba nyantshwang. Leha ho le jwalo, Lenaneo la ho Thibela ho Tloha ho Mme ho ya ho Ngwana (The Prevention of Mother-to-Child Programme) le netefaditse hore maemo a jwalo fokotsehile haholo. Haeba mme a tseba boemo ba hae ba HIV mme a nwa moriana nakong eo a immeng, a nyantshang le ka morao ho moo, menyetla ya hore ngwana a fumane HIV e menyane haholo. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokwa ho hlahloba boemo ba hao ba HIV nakong ya boimana le ha o nyantsha, le ho nwa moriana haeba o na le tshwaetso.

Moriana wa bana

Bafana ba nang le HIV ba fuwa moriana wa ARV o fapaneng le wa batho ba baholo. Bana ba fuwa sirapo ya ARV e kgetheileng eo ba e nwang, ha batho ba baholo bona ba nwa dipidisi tsa ARV. Moriana wa bana o entswe ka meriana e 3 e sebetsang hantle haholo mme bana ba e sebedisang ba phela nako e telele le ka tsela e tlwaelehileng.

Ke habohlokwa haholo hore ngwana ya nang le HIV a nwe moriana wa hae letsatsi le leng le le leng. Haeba ba ka qala ho sebedisa moriana ebe hamorao ba a kgaotsa, HIV e ka nna ya ithuta tsela ya ho sebetsa kgahlanong le moriana, ho etsa hore moriana o se sebetse. Sena se bitswa "ho hanyetsa" (k.h.r, kokwanahloko e se e hlola moriana). Hape ke habohlokwa hore bana ba fuwe meriana yohle e 3, hobane haeba ba nwa feela moriana o le mong kapa e 2, kokwanahloko le yona e tla ithuta ho lwantsha moriana mme moriana o tla hloleha ho e lwantsha.

Phephetso e nngwe ya di-ARV bakeng sa bana ke hore e nngwe ya tsona e latsweha hampe haholo. Bana ba bang ba hana ho nwa moriana ona mme ho ka ba thata ho ba thusa hore ba e nwe. Le hoja o latsweha hampe, ke habohlokwa hore ba o nwe. E ngnwe ya ditsela tse molemo haholo ya ho thusa bana ho nwa moriana ke ka ho ba putsa ha ba e nwa. Sena se ka akarelletsa ho opa diatla, ho ba thoholetsa, ho ba fa dijo tseo ba di ratang kapa ntho leha e le efe eo ba tla e thabela. Haeba ngwana a hana ho nwa moriana ho sa tsotellehe boiteko bohle ba hao, jwale ke habohlokwa haholo hore o ye ngakeng ya ngwana bakeng sa ho tla ka leano la ho thusa ngwana hore a nwe moriana.

Ha o fa ngwana moriana, ho bohlokwa ho mo hlalosetsa hore moriana o tla etsa hore mmele wa hae o be matla. O ka ba bolella hore mmele ya bona e na le masole a manyane mading a lwantshang dikokwanahloko. Moriana ona o thusa ho matlafatsa masole a mmele wa bona.

Tikoloho e fang ka tshehetso

Senotlolo sa bohlokwa sa ho boloka ngwana ya nang le HIV a le matla ke tikoloho e mo bontshang lerato, e mo tsotellang le ho mo tshehetsa. Ke habohlokwa ho hlokomela hore ha se boikarabelo ba ngwana hore a nwe moriana, empa ke boikarabelo ba mohlokomedi. Sena se bolela ho etsa bonnete ba hore ngwana ha a fellwe ke moriana le hore mohlokomedi o hopola ho mo fa tekanyo ya ona e nepahetseng ka nako e loketseng.

HIV le TB

Kaha HIV e ka fokodisa masole a mmele, ho bohlokwa ho ele hloko TB. Ka maswabi, Afrika Borwa e na le palo e phahameng ka ho fetisisa lefatsheng ya batho ba tshwaeditsweng ke TB. Ka hona, haeba motho leha e le ofe ka tlung kapa haufi le ngwana a na le TB, e ya tleleniking mme o kope moriana wa TB. Bana ba nang le HIV ba fuwang moriana wa TB ha ba kopana le motho ya nang le TB ba na le monyetla o fokolang wa ho tshwarwa ke TB.

Related Posts

Tags
  • HIV