Kankere ya Matswele

Post cover image

KANKERE YA MATSWELE KE ENG?

Kankere ya matswele ke ho hola le ho arohana ho sa tlwaelehang ha disele tsa matswele. Disele tsena di ka namela dithishung tse tlwaelehileng tse potileng letswele mme di ka namela dikarolong tse ding tsa mmele.

DISOSA TSA KOTSI

Disosa tse ding di bontsha hore o kotsing e kgolo ya ho ba le kankere ya matswele. Tsona di akarelletsa:

• Nalane ya kankere ya letswele lapeng

• Ho nwa jwala le ho tsuba

• Ho ba motenya

• Basadi ba so kang ba ba le bana, kapa ba bang le bona ka mora dilemo tse 30

• Ho tsofala

Disosa tsena di eketsa kotsi ya hao, mme ha di bolele hakalo hore o tla ba le bolwetse.

MATSHWAO A LEMOSANG

• Ho sosobana ha letlalo la letswele

• Kotoa letsweleng kapa lehafing

• Ho fetoha ha letlalo ho potoloha tlhoko ya letswele kapa ho qhitsa

• Sekotinyana tlhokong ya letswele kapa ho honyela ha tlhoko

• Ho eketseha kapa ho fokotseha ho sa tlwaelehang ha letswele

• Letswele le leng le le tlase ka tsela e sa tlwaelehang ho feta le leng le ditlhoko di sa bapa

• Ho ruruha ho sa tlwaelehang kapa ka lehafing kapa sebakeng se potolohileng lehetla

PHEKOLO

Phekolo e itshetlehile ka ho mpefala ha kankere. Ho ka etswa opereishene ya letswele eo ho yona ho tloswang kotola ya kankere le karolwana ya dithishu tse tlwaelehileng tse potolohileng karolong e nang le kankere. Ho ntshwa ha letswele kaofela ho bitswa mastectomy mme ke mokgwa o mong o tlwaelehileng wa ho buuwa.

Kamora hore ho tloswe kankere, ho sebediswa radieishene ho fedisa kapa ho fokotsa disele tse setseng tsa kankere ya letswele.

Khemoferaphi ke phekolo ya khemikhale e sebedisetswang ho bolaya disele tse nang le kankere.

Phekolo ya homoune e sebedisetswa ho fokotsa ho hola ha disele tsa kankere ya letswele.

THIBELO LE PHEKOLO

  • Itlhahlobe matswele kgwedi le kgwedi. Ithute ho itlhahloba matswele ka ho sebedisa boitsebiso bo eketsehileng. Hlakola: Mona ke moo o ka fumanang hore na sena se etswa jwang: www.kznhealth.gov.za/publicity/Breast_Cancer_Awarenes_Five_Steps_breast_self_examination.pdf--------
  • E ya tlhahlobong ya kamehla (tlhahlobo ya matswele tleleniki).
  • Basadi ba se nang matshwao ba dilemo di 40 ho isa ho tse 54 ba lokela ho etsa tlhahlobo ya mammogram (x-ray e kgethehileng e lemohang kotola ya kankere letsweleng) selemo le selemo.
  • Basadi ba dilemo di 55 le ho feta ba ka etsa diteko dilemo tse ding le tse ding tse 2.



SE KA ETSAHALANG HAEBA E SA PHEKOLWE

• E ka namela matshwafong e leng se ka etsang hore o fellwe ke moya, o kgohlele, o utlwe bohloko sefubeng

• E ka namela lesapong la mokokotlo (Kgatello ya lesapo la mokokotlo) e leng se ka etsang hore o dule o utlwa bohloko molaleng kapa mokokotlong kapa o fokollwa ke matla le maoto a tsherema

• E ka namela sebeteng ebe e etsa hore o nyekelwe le ho tshwarwa ke nyoko

• Ho opelwa ke hlooho le ho tshwarwa ke lefu la sethwathwa

• Ho ntsha metsi hangata, ho nyorwa haholo, ho fellwa ke metsi mmeleng, ho hlatsa le ho pipitlelwa

Related Posts

Tags
  • Breast
    Cancer