Ho Tepella Maikutlo

Post cover image

Maemo a sa thabiseng jwalo ka ho lahlehelwa kapa ho imelwa kelellong di ka etsa hore batho ba tepelle maikutlong. Leha ho le jwalo, bothata ba ho tepella maikutlo bo hlaha ha maikutlo ana a sa thabiseng a phehella ka nako e telele mme a ama hampe mesebetsi ya bophelo ya letsatsi le letsatsi ho tloha ho ho itlhwekiseng ho isa ho phetheng mesebetsi ya moo motho a sebetsang teng.

Bothata ba ho tepella maikutlo ha se letshwao la bofokodi, empa ke bolwetse bo hlokang ho laolwa ka hloko le ka ho nahanela. Ho na le mefuta e fapaneng ya ho tepella maikutlo, e tlwaelehileng haholo ke:



  • Bothata bo boholo ba ho tepella maikutlo (sheba lethathamo la matshwao)
  • Dysthymia, e bonahalang ka matshwao a ho tepella maikutlo a bobebe ha a bapiswa le a bothata bo boholo ba ho tepella maikutlo
  • Bothata ba baephola

Disosa tsa ho tepella maikutlo

Ho tepella maikutlo ho bakwa ke dintho tse ngata. Bothata ba ho tepella maikutlo ba motho e mong bo fapana le ba e mong mme sena se bakwa ke mabaka a mangata le dintho tse fapaneng tse thonkgelang motho ya tepelletseng maikutlo:



  • Diphatsa tsa lefutso: nalane ya lelapa ya ho tepella maikutlo ho eketsa kotsi ya hore motho a be le bothata ba ho tepella maikutlo
  • Dintho tse bakang kgatello ya maikutlo tikolohong: pefo, ho sithabela maikutlong, ho sarelwa, ho imelwa kelellong
  • Ho se lekalekane ha dikhemikhale le dihomoune mmeleng
  • Malwetse a bophelo a bakelang motho kgatello ya maikutlo a mpe bakeng sa ho etsa dintho
  • Ho sebedisa dithethefatsi hampe

Matshwao a ho tepella maikutlo

Matshwao a fapana ho ya ka batho. A mabedi a qalang ke ona a bonahetseng haholo ho batho ba tepelletseng maikutlo.



  • Ho dula o nyahame kapa o ikutlwa o se na letho (ho ka etsa hore motho a tenehe jwalo ka bana)
  • Ho fellwa ke takatso kapa o se o sa thabele dintho tseo o neng o thabela ho di etsa pele, jwalo ka thobalano.
  • Ho se robale hantle, ho se rate dijo hantle
  • Bohloko bo sa tobang
  • Ho hloka tshepo
  • Ho se itshepe
  • Ho ikutlwa molato
  • Ho fokotseha ha temoho le ho tsepamisa mohopolo
  • Ho itshehla thajana
  • Ho se ithlwekise le ho se itlhokomele
  • Boikutlo ba ho ipolaya
  • Boikemisetso ba ho ipolaya: monahano o matla wa ho ipolaya kapa monahano oo o fetoha moralo
  • Boitshwaro ba ho batla ho ipolaya: mantswe a ho bala ho ipolaya, ho leka ho ipolaya

Phekolo

Mathata a ho tepella maikutlo a arolwa ka dihlopha mme a hlophiswa ho latela hore na a tebile hakae. E ka ba ho tepella maikutlo ho bobebe, ho mahareng ho isa ho ho mpefetseng le ho rarahaneng. Mekgahlelo ena e na le meralo e fapaneng ya ho e laola.

Mekgahlelo e mmedi e meholo ya ho laola ho tepella maikutlo ke ho buisana le ditsebi tsa mafu a kelello le meriana e lwantshang ho tepella maikutlo.

Meriana e lwantshang ho tepella maikutlo

Meriana e lwantshang ho tepella maikutlo ke meriana ya bongaka bakeng sa mafu a ho tepella maikutlo. Ho na le mefuta e mengata e fapaneng ya meriana e lwantshang ho tepella maikutlo. Mefuta e mmedi ya meriana e lwantshang ho tepella maikutlo e sebediswang haholo ke Selective Serotonin Reuptake Inhibitors (SSRIs) le Tricyclics antidepressants (TCAs).

Di-SSRI

Di-SSRI, mohl., citalopram le fluoxetine, di sebetsa ka ho eketsa boteng ba serotonin. Serotonin e thusa ho tsitsisa le ho phahamisa maikutlo, ho ntlafatsa ho sebetsa ha mmele le ho ntlafatsa matshwao a ho tepella maikutlo ka kakaretso.

Ditlamorao

  • Ho opelwa ke hlooho
  • Ho nyekelwa ke pelo
  • Ho hlobaela le ho ferekana (ha o qala, ho ba betere ha nako e ntse e tsamaya)
  • Ditlamorao tse ding tse hlahellang hamorao tsa di-SSRI ke ho thatafallwa ke ho fihla lehodimong ha o etsa thobalano le ho ntsha peo ya bonna le takatso e fokotsehileng ya thobalano.

Di-TCA

Di-TCA, mohl., amitriptyline, di boetse di eketsa serotonin le homoune e nngwe e bitswang noradrenaline, e hlahisang diphello tse tshwanang tse hlokahalang bakeng sa ho ntlafatsa matshwao a ho tepella maikutlo.

Ditlamorao

  • Molomo o omelletseng
  • Mathata a pono: ho ba lerootho
  • Ho pipitlelwa
  • Mokgathala
  • Ho nona
  • Ho thatafallwa ho fihla lehodimong ha o etsa thobalano le ho ntsha peo ya bonna le takatso e fokotsehileng ya thobalano.

Ha bohlokwa, meriana e lwantshang ho tepella maikutlo ha e sebetse kapele Hangata batho ba utlwa diphello tsa yona kamora dibeke tse 4 ho isa ho tse 8 ba qadile ho e sebedisa. Kahoo ke habohlokwa hore o se ke wa kgaotsa kapele ho e nwa hobane o sa utlwe hore na moriana o se o ntse o sebetsa.

Ho phaella moo, ke habohlokwa hore o tswele pele ka phekolo ya ho buisana le ditsebi tsa kelello haeba mokgwa oo o le teng le ho etsa dintho tse o thusang ho sebetsana ka katleho le matshwao a hao. Ho ithusa ha ho bolele hore o lokela ho tlohela phekolo ya moriana.

Mekgwa e kgothalletswang ya ho ithusa


  • Boikwetliso
  • Dijo tse nang le phepo e nepahetseng
  • Ho ba hara dintho tsa tlhaho
  • Ho bala
  • Boikgathollo, ho phomola, matsatsi a phomolo.
  • Ho fumana dibaka tse tsotellang, tse tshehetsang le tse hodisang

Related Posts