Ramatike e Ruruhisang Manonyeletso

Post cover image

Rheumatoid Arthritis (RA) ke eng?

Rheumatoid arthritis ke lefu la masole a mmele le amang haholo manonyeletso a mmele. Lefu la masole a mmele le bolela hore masole a mmele a itwantsha ka phoso. Ha ho utlwisiswe hantle hore na ke hobaneng ha sena se etsahala.

Ha motho a tshwerwe ke Rheumatoid Arthritis, sena se baka ho ruruha ho sa foleng. Ha nako e ntse e feta, ho ruruha ho sa foleng ho baka tshenyo sebakeng se potolohileng. Le hoja rheumatoid arthritis e ama haholo manonyeletso, e ka boela ya ama le dikarolo tse ding tsa mmele – re tla bua ka sena hamorao bukaneng ena.

Rheumatoid Arthritis e bakwa ke eng?

Ha ho tswejwe hantle hore na lefu lena la ramatike la rheumatoid arthritis le bakwa ke eng, empa ho dumelwa hore le bakwa ke disosa tse ding hammoho le diphatsa tsa lefutso le tikoloho.

Tse ding tsa disosa tse tsebahalang tsa rheumatoid arthritis di akarelletsa:

  • Ho ba ka hodimo ho dilemo tse 50
  • Ho ba mosadi
  • Ho tsuba
  • Ho ba le setho sa lelapa se nang le rheumatoid arthritis kapa se kileng sa ba le yona

Matshwao

Rheumatoid arthritis e ka nna ya hlaha butlebutle ha nako e ntse e tsamaya mme hangata e ya mpefala ha o se o na le nako o na le yona. Ka mohlala, e ka nna ya qala ka lenonyeletso le le leng mme ha nako e ntse e tsamaya ya ama manonyeletso a mangata.

Ntho e kgethollang Rheumatoid Arthritis haholo ke bohloko ba manonyeletso le ho satalla ha ona ho bakwang ke ho ruruha ha manonyeletso ao. Hangata ho hlaloswa hore ho satalla ho ba hobe haholo hoseng mme ho nka nako e fetang halofo ya hora. Manonyeletso a ka boela a utlwahala a le thata ho sisinyeha kapa a fokollwa ke matla ka lebaka la ho ruruha.

Hangata batho ba tshwerweng ke rheumatoid arthritis ba ba le mokgathala kapa ba ikutlwe ba kgathetse ka kakaretso e leng se ka nkang dihora tse mmalwa. Rheumatoid arthritis e ka nna ya ama ditho tse ding tse kang mahlo, matshwafo, pelo, methapo ya madi, spleen, diphio, methapokutlo.

Ke manonyeletso afe a atisang ho ameha

Manonyeletso a amehileng a ka nna a retela, a futhumala, a ba bohloko le ho ba thata ho tsamaya. Ka tlwaelo, Rheumatoid arthritis e qala manonyeletsong a manyane a matsoho le maoto mme ha nako e ntse e tsamaya e namela manonyeletsong a mang a kang a letsoho, setswe, mahetla, molala, letheka, mangwele le maqaqailana. Hangata Rheumatoid arthritis e ama mahlakore a mmele wa hao ka bobedi.

Tlhahlobo

E le hore ngaka ya hao e tsebe ho na o na le lefu la Rheumatoid Arthritis, e tla lokela ho hlahloba madi a hao ho bona hore na ha ho na matshwao a ho ruruha a lefu lena. Ho ka nna ha ntshwa mokedikedi manonyeletsong a hao hore o hlahlojwe. Ho ka nna ha nkwa di-X-ray ho thusa ho bona tshenyo e bakilweng e bakilweng ke lefu lena.

Phekolo le Kalafo

Phekolo ya Rheumatoid arthritis e reretswe ho fokotsa ho ruruha. Ho fokotsa ho ruruha ho tla thusa ho fokotsa matshwao le ho thibela kotsi e eketsehileng mmeleng. Ngaka ya hao e tla o bolella hore na ke meriana efe e o loketseng. Ka tlwaelo, dingaka di tla fana ka moriana o kokobetsang bohloko hammoho le mofuta wa (me)moriana o bitswang DMARDs - Disease Modifying Anti-Rheumatic Drugs (jwalo ka Methotrexate). Di-steroid le tsona di ka boela tsa sebediswa haholoholo nakong eo bolwetse bo totang.

Ho ikwetlisa, kalafo ya Fisio le kalafo ya ho etsa Mesebetsi di ka thusa haholo ho thibela ho lahlehelwa ke matla a ho tsamaya ha manonyeletso le ho kokobetsa matshwao.

Ka dinako tse ding ho etswa opereishene e le hore ho ntshwe lenonyeletso ho kengwe ho hong haeba lefu lena le mpefetse.

Tags
  • Rheumatoid Arthritis