Bophelo bo Botle ba Mosebetsing

Post cover image

Bophelo bo Botle ba Mosebetsing ke eng?

Afrika Borwa e na le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing (OHS) o reretsweng ho fana ka tshireletso, polokeho le bophelo bo botle bakeng sa batho ba sebetsang.

Mmuso o etsa sena e le ho leka ho thibela le ho qoba dikotsi le malwetse mosebetsing ka ho laola mehato ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing.

Sena se akarelletsa bohlweki mosebetsing, bongaka ba mosebetsing le polokeho mosebetsing.

Bohlweki Mosebetsing

Ho lebella, ho lemoha, ho lekola le ho laola maemo a hlahang mosebetsing a bakang bokudi kapa ditlamorao tse mpe bophelong ba batho.

Bongaka ba Mosebetsing

Sena se bolela ho thibela, ho hlahloba le ho phekola malwetse, dikotsi le diphello tse mpe tsa bophelo tse amanang le mofuta o itseng wa mosebetsi.

Polokeho Mosebetsing

Ho laola dikotsi le ho lemala (mohl., ho thella le ho wa, ho kgaolwa ditho tsa mmele).

Boikarabelo ba mohiri

Bahiri ba tlamehile ka molao ho hlahloba sebaka sa mosebetsi hore ha ho na dikotsi tse ka hlahang mosebetsing ka ho botsa dipotso tse latelang:

  • Na re hlokometse dikotsi, ke eng e ka senyehang?
  • Na re ile ra sheba hore na ke mang ya ka tswang kotsi?
  • Batho ba ka ameha jwang?
  • Ho ka etswang ka seo?




Ho bohlokwa hore bahiri ba kgetholle dikotsi tse ka hlahang mosebetsing e le hore ba bone se lokelang ho etswa ho thibela boemo boo. Sena se ka fapana ho tloha ho kotsi ya ho pepesehela thepa e itseng (mohl., ho tlosa) ho isa ho feng basebetsi disebediswa tsa tshireletso.

Ke mang ya sireleditsweng ke molao wa OHS

Molao ona o sebetsa ho basebetsi mafapheng a bona a fapaneng. Bahiri ba ka fuwa dikotlo, ho lefiswa tjhelete le ho kwallwa teronkong ka lebaka la ho se latele molao, mme Molao wa 1993 wa Matshediso Bakeng sa Malwetse le Dikotsi Mosebetsing (COIDA) o fana ka matshediso bakeng sa bokowa bo bakilweng ke dikotsi kapa malwetse mosebetsing, ho akarelletsa ho hlokahala ka lebaka la dikotsi tse jwalo kapa malwetse.

Matshediso Bakeng sa Malwetse le Dikotsi Mosebetsing (COID)

Matshediso Bakeng sa Malwetse le Dikotsi Mosebetsing (COID) a lefella batho ba lemetseng kapa ba tshwerweng ke mafu mosebetsing. Di fana ka melemo e latelang ho moseebetsi:

  • phekolo ya mahala ya bongaka
  • ho tswela pele ho fumana 75% ya moputso ha nyewe e ntse e butswe ho fihlela ho dilemo tse 2
  • ditshenyehelo tsa lepato
  • penshene ho molekane kapa bana haeba a hlokahala

Ke bo mang ba tshwanelang ho etsa kopo?

O ka etsa kopo haeba:

  • o hirilwe ka botlalo (ntle le ditho tsa SAPS le SANDF)
  • o le mosebetsi wa malapeng (ntle le basebetsi ba malapeng ba hirilweng malapeng a batho ka bo mong ho tloha ka Pudungwana 2020)
  • o le moithuti kapa mosebetsi wa polasing ya rupelwang
  • o le mosebetsi wa lefuwang ke lefapha la mesebetsi

Tsela ya ho tlaleha kotsi ya mosebetsing

Haeba o le mohiruwa, o tlameha ho tlaleha kotsi kapa bolwetse ho mohiri wa hao hanghang.

Mohiri o tlameha ho tlaleha sena ho Letlole la Matshediso mme a romele diforomo tse hlokahalang.

Ho na le foromo e nngwe hape eo mohiri a tlamehang ho o fa yona hore o ye le yona ngakeng bakeng sa ho hlahlojwa. Hang feela ha ngaka e se e tlatsitse foromo ena, e tlameha ho kgutlisetswa ho mohiri.

Letlole la Matshediso le lefa mohiri ebe yena o lefa mohiruwa.

Boitsebiso ba ho ikopanya

CF-Complaints@labour.gov.za

cfcallcentre@labour.gov.za

cfenquiries@labour.gov.za

Tags
  • Occupational Health